Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Esdrase 7:9 - BIBELE

9 O ne a ile a tloha Babilona ka letsatsi la pele la kgwedi ya pele, mme ka letsatsi la pele la kgwedi ya bohlano, a fihla Jerusalema, hobane Morena Modimo wa hae, o ne a mo hlohonolofaditse.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

9 A qala ho tloha Babilona ka la pele la kgwedi ya pele, a fihla Jerusalema ka le qalang kgwedi ya bohlano, kamoo letsoho le molemo la Modimo le nnileng la eba ho yena kateng.

Ver Capítulo Copiar




Esdrase 7:9
11 Referencias Cruzadas  

ya entseng hore ke hauhelwe ke kgosi, le baeletsi ba yona, le mahosana wohle a yona, a matla. Ke ile ka matlafala, hobane Morena Modimo wa ka, o ile a ntlhohonolofatsa, mme ka bokella banna ba Iseraele ba ka sehloohong, ba nyoloha le nna.”


Esera enwa ke yena ya ileng a nyoloha Babilona. E ne e le setsebi sa Molao wa Moshe, oo Morena Modimo wa Iseraele, a ileng a fana ka wona. Kahobane Morena Modimo wa hae, a ne a mo hlohonolofaditse, kgosi Aretaseresese a mo nea tsohle tseo a neng a di kopa.


Ka kgwedi ya bohlano ya selemo sa bosupa sa puso ya kgosi Aretaseresese, Esera a fihla Jerusalema.


Ka lehlohonolo le tswang ho Modimo wa rona, ba re romela Sherebiya, monna ya nang le kutlwisiso, e leng e mong wa bara ba Mahadi, mora wa Levi, setloholo sa Iseraele. O ne a ena le bara ba hae, le bana babo, kaofela ba le leshome le metso e robedi,


Ke ne ke hlajwa ke dihlong ho kopa bahlabani le bapalami ba dipere ho kgosi, hore bao ba tle ba re sireletse ho dira tsa rona tseleng, hobane re ne re bua le kgosi, re re: “Letsoho la Modimo wa rona le sireletsa bohle ba mo sebeletsang, empa matla a hae le kgalefo ya hae di hodima bohle ba mo furallang.”


Ka letsatsi la leshome le metso e mmedi, la kgwedi ya pele, ra tloha nokeng ya Ahafa, ra ya Jerusalema. Modimo wa rona a re hlohonolofatsa, mme a re namolela matsohong a sera, le ho ba neng ba re laletse tseleng.


Ra fihla Jerusalema, ra hlola teng matsatsi a mararo.


Ka ba bolella kamoo Modimo wa ka a ileng a ntlhohonolofatsa kateng; ka ba bolella le seo kgosi e mpoleletseng sona. Yaba ba re: “A re qaleng ho tsosa lerako!” Ba kena mosebetsing ona o kgabane ka mafolofolo.


Hape ke newe le lengolo le yang ho Asafo, molebedi wa moru wa kgosi, e le hore a tle a mphe difate tse tla etsa menyako ya qhobosheane, e pela Tempele, le ya lerako la motse, le ya ntlo ya ka ya bodulo.” Kgosi ya amohela kopo ya ka, hobane Modimo wa ka o ne a ntlhohonolofaditse.


Tsoho la hao le ke le be hodima mokgethwa wa hao, mora eo o ikgodiseditseng yena.


Ha le bona tsena pelo tsa lona di tla nyakalla, le tlokome jwaloka jwang ha bo tlokoma. Bahlanka ba Morena ba tla tseba matla a hae, dira tsa hae tsona di bone kgalefo ya hae.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos