Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Esdrase 10:4 - BIBELE

4 Ema ka maoto, hobane tabeng ena boikarabelo ke ba hao, mme re tla o thusa. Tsoha molota, o etse jwalo.”

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

4 Ema, hobane taba ena ke ya hao; re tla o emela, o iphe matla, o sebetse.

Ver Capítulo Copiar




Esdrase 10:4
14 Referencias Cruzadas  

Bongata ba kgauta, le silefera, le lethose, le tshepe, ke bo ke keng ba balwa. O eme ka maoto, o sebetse, mme Morena a ke a be le wena.”


Ka baka leo, ineeleng ho Morena Modimo wa lona, ka dipelo tsa lona, le ka meya ya lona. Emang ke hona, le hahe Sehalalelo sa Morena Modimo, e le hore areka ya selekane sa Morena, le dintho tse halalelang tsa Modimo, di tle di tliswe ka Tempeleng e tla hahelwa Morena.”


Hlokomela he, hobane Morena o o kgethetse hore o mo hahele Tempele eo e leng Sehalalelo sa hae. Eba monna, o etse jwalo.”


Davida a boela a re ho mora wa hae Solomone: “Eba monna, o be sebete, o etse jwalo. O se ke wa tshaba, kapa wa tsieleha, hobane Morena Modimo, e leng Modimo wa ka, o tla ba le wena. Ha a ka ke a o lahla, kapa a o furulla, ho fihlela o qeta mosebetsi wohle wa ho haha Tempele ya Morena.


Dihlopha tsa baprista le tsa Balevi di tla o thusa mosebetsing wohle wa Tempele ya Modimo. Banna bohle ba ditsebi ba tla o thusa mesebetsing yohle e batlang tsebo; le mahosana le setjhaba sohle se tla mamela taelo ya hao.”


Yaba Esera o a ema, o etsa hore baprista ba baholo, le Balevi, le Baiseraele bohle, ba hlapanye hore ba tla etsa jwalo, ho latela polelo ya Shekaniya. Ba fela ba hlapanya.


Tsohle tseo o ka di etsang, o di etse ka matla a hao kaofela, hobane lebitleng, moo o yang teng, ha ho sa na mosebetsi, kapa merero, kapa tsebo, kapa bohlale.


Ho jwalokaha motho a eta, a siya ntlo ya hae, a nea bahlanka ba hae matla, e mong le e mong mosebetsi wa hae, a ba a laela molebedi wa monyako ho lebela.


A re hlokomelaneng, mme re kgothaletsaneng leratong le mesebetsing e metle.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos