Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Esdrase 1:3 - BIBELE

3 E mong le e mong wa setjhaba sa hae, ya teng mona hara lona, ke re Modimo wa hae a ke a be le yena, mme eo a nyolohele Jerusalema e naheng ya Juda, a yo haha Tempele ya Morena Modimo wa Iseraele. Ke yena Modimo ya leng Jerusalema.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

3 Hara lona mang le mang eo e leng motho wa setjhaba sa hae, Modimo wa hae o ke o be le yena, mme a nyolohele Jerusalema naheng ya Juda, mme a hahe ntlo ya Jehova, Modimo wa Iseraele; ke wona Modimo o leng Jerusalema.

Ver Capítulo Copiar




Esdrase 1:3
20 Referencias Cruzadas  

Ha batho bohle ba bona hoo, ba itihela fatshe ka difahleho, ba re: “Morena ke yena Modimo! Morena ke yena Modimo!”


mme a re: “Morena Modimo wa Iseraele, ha ho Modimo ya kang wena hodimo lehodimong, kapa tlase lefatsheng, ya bolokang selekane le bahlanka ba hae, a ba bontshe mohau ha ba mo tshepa ka dipelo tsa bona tsohle.


Davida a boela a re ho mora wa hae Solomone: “Eba monna, o be sebete, o etse jwalo. O se ke wa tshaba, kapa wa tsieleha, hobane Morena Modimo, e leng Modimo wa ka, o tla ba le wena. Ha a ka ke a o lahla, kapa a o furulla, ho fihlela o qeta mosebetsi wohle wa ho haha Tempele ya Morena.


Bohle ba ntseng ba phela, hohle moo ba jakileng teng, baahi ba sebaka seo ba ke ba ba thuse ka silefera, le ka kgauta, le ka diphahlo, le ka dikgomo, le ka dimpho tsa boithaopo, tsa Tempele ya Morena, e Jerusalema.’ ”


Empa bo-Serubabele, le Jeshua, le dihlooho tsa malapa a Iseraele, ba re ho dira tseo: “Le ke ke la haha Tempele ya Modimo wa rona le rona. Ke rona feela ba tla hahela Morena Modimo wa Iseraele Tempele, jwalokaha Siruse, kgosi ya Peresiya, a re laetse.”


“ ‘Empa ka selemo sa pele sa puso ya hae, Siruse, kgosi ya Babilona, o ile a laela hore ho hahwe Tempele ena ya Modimo.


Ka yona nako eo, bo-Tatenai, mmusisi wa naha e ka bophirimela ho noka ya Euferatese, le Shetare-Bosenai, le metswalle ya bona, ba fihla ho bo-Serubabele, ba re ho bona: “Ke mang ya le laetseng ho haha Tempele ee, le ho qetela lerako lee?”


Le se ke la nna la kenakenana le mosebetsi wa Tempele ya Modimo. Tlohelang mmusisi wa Bajuda le baholo ba Bajuda ba hahe Tempele ena ya Modimo setsheng sa yona.


Morena o ikgethetse Sione, o ratile hore e be leaho la hae;


Ba ke ba hlajwe ke dihlong, ba tshohele ruri, ba tlontlolohe, mme ba timele.


“Oho, Morena ya matla wohle, Modimo wa Iseraele, wena eo terone ya hao e leng pakeng tsa dikerubime, ke wena o le mong feela o leng Modimo wa mebuso yohle ya lefatshe; ke wena ya entseng lehodimo le lefatshe.


Ke nna ya reng ho Siruse: ‘O modisana wa ka, o tla phetha tsohle tseo ke di ratang; o tla re thako tsa Jerusalema di tsoswe, o re metheo ya Tempele e ralwe.’ ”


“Ke nna Morena, ha ho na e mong, kantle ho nna ha ho na Modimo. Ke tla o matlafatsa, le hoja o sa ntsebe,


Empa Morena ke Modimo wa nnete, ke Modimo ya phelang, Kgosi ya kamehla yohle. Ha a halefile fatshe lohle le a reketla, tjhaba di sitwa ho mamella kgalefo ya hae.


Kgosi ya re ho Daniele: “Kannete Modimo wa lona ke Modimo wa medimo, ke Morena wa dikgosi, ke mosenodi wa diphiri, hobane ke mona o tsebile ho senola sephiri sena.”


“Ke etsa taelo ya hore dinaheng tsohle tse pusong ya ka, batho ba tshabe, mme ba hlomphe Modimo wa Daniele. “Ke Modimo ya phelang, ya phelang kamehla yohle, mmuso wa hae o ke ke wa timetswa, matla a hae a ke ke a fediswa.


le ba rute ho boloka tsohle tseo ke le laetseng tsona. Bonang, ke na le lona kamehla yohle ho isa bofelong ba lefatshe.”


O ile a romela lentswe la hae ho bana ba Iseraele ka ho bolela molaetsa o molemo wa kgotso ka Jesu Kreste, eo e leng Morena wa bohle.


‘Fika’ la bona ha e ke Fika la rona, le dira tsa rona di ka re pakela.


Ke se ke o laetse: Tsoha molota, o be sebete! O se ke wa tshaba, kapa wa nyahama pelo, hobane Morena Modimo wa hao, o na le wena hohle moo o yang teng.”


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos