Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Eksoda 8:32 - BIBELE

32 Empa le nakong ena Faro a nna a thatafatsa pelo ya hae, mme a se ke a lokolla setjhaba hore se tsamaye.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

32 Empa Faro a boela a ithatafatsa pelo le ka lekgetlo lena, mme a se ke a lokolla setjhaba.

Ver Capítulo Copiar




Eksoda 8:32
11 Referencias Cruzadas  

Jwale Morena a re ho Moshe: “Ha o kgutlela Egepeta, hlokomela hore mehlolo yohle eo ke o neileng matla a ho e etsa, o e etse moo Faro a ntseng a bona. Empa ke tla thatafatsa pelo ya hae, mme a ke ke a lokolla setjhaba hore se tsamaye.


Empa ha Faro a bona hore o imolotswe a thatafatsa pelo ya hae, a se ke a ba mamela, jwalokaha Morena a ne a boletse.


Morena a etsa kamoo Moshe a boletseng kateng, mme diboba tsa tloha ho Faro, le ho bahlanka ba hae, le ho setjhaba sa hae, ha se ke ha sala leha se le seng feela.


Faro a bitsa Moshe le Arone, a re: “Rapelang Morena hore a tlose dihohwana tsena ho nna le ho setjhaba sa ka, mme ke tla lokolla setjhaba hore se yo etsetsa Morena sehlabelo.”


Ke ha Faro a romela batho ho ya bona hore na ke nnete, mme ba fumana ho sa shwa phoofolo leha e le nngwe diphoofolong tsa bana ba Iseraele. Empa pelo ya Faro ya nna ya thatafala, a se ke a lokolla setjhaba hore se tsamaye.


O re tloheletseng, Morena, ho kgeloha tsela tsa hao? O thatafaleditseng pelo tsa rona, hore re se ke ra o tshaba? Kgutla ka baka la rona bahlanka ba hao, rona merabe eo e leng lefa la hao.


Empa ka baka la bothata ba pelo ya hao e sa bakeng, o ikekeletsa kgalefo mohla letsatsi leo ka lona Modimo a tla bonahatsa kgalefo ya hae le kahlolo ya hae e lokileng.


Ke hobaneng ha le thatafatsa dipelo tsa lona, jwalokaha Baegepeta le Faro ba ne ba thatafatse dipelo tsa bona? Na hase nnete hore e ne ere ha a se a bontshitse matla a hae hara bona, ya eba hona ba lokollang Baiseraele, mme ba itsamaela?


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos