Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Eksoda 8:22 - BIBELE

22 “ ‘Mohla letsatsi leo, ke tla sekeletsa setereka sa Goshene, moo setjhaba sa ka se ahileng teng, hore ho sona ho se be diboba; e le hore o tle o tsebe hore ke nna Morena naheng ena.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

22 Ka tsatsi leo, ke tla kgetha naha ya Goshene, eo setjhaba sa ka se dutseng ho yona, mme ha ho ka ke ha eba menwang teng, hore o tle o tsebe hobane nna Jehova ke teng hara lefatshe.

Ver Capítulo Copiar




Eksoda 8:22
19 Referencias Cruzadas  

le tle le re: ‘Haesale bahlanka ba hao e le badisa, ho tloha botjheng ba bona, ho fihlela kajeno, rona le bo-ntata rona,’ e le hore le tle le jake seterekeng sa Goshene, hobane Baegepeta ba kgesa badisana bohle.”


Morena o tla namisa mmuso wa hao, a o namise ho tloha Sione; a re: “Busa hara dira tsa hao.”


Athe Modimo, o kgosi ya ka ho tloha mehleng ya kgale, wena mohlodi wa topollo lefatsheng.


Batho ba sitwa ho bonana, mme ka matsatsi a mararo motho a sitwa ho tloha moo a dutseng teng. Empa moo ho ahileng bana ba Iseraele bohle, lesedi le ne le ntse le le teng.


Madi ana e tla ba letshwao la lona, matlung ao le leng ho wona; etlare ha ke bona madi ke fete, mme ha ho sewa se tla le wela hodimo ho le timetsa, ha ke otla naha ya Egepeta.


Ha feela le ka mamedisa lentswe la ka, mme la boloka selekane sa ka, le tla ba setjhaba sa ka se kgethehileng hara ditjhaba tsohle, hobane lefatshe lohle ke la ka.


Ka matsatsi a tsheletseng Morena o ile a etsa lehodimo, le lefatshe, le lewatle, le dintho tsohle tse ho tsona, mme a phomola ka letsatsi la bosupa; ka baka lena Morena o ile a hlohonolofatsa letsatsi la Sabatha, a le halaletsa.


Morena o bua tjena: ‘Ka sena o tla tseba hore ke nna Morena. Bona, ka molamu o ka letsohong la ka ke tla otla hodima metsi a ka nokeng, mme a tla fetoha madi.


Baegepeta ba tla tseba hore ke Morena, ha ke otlolla letsoho la ka ke ba otla, mme ke ntsha bana ba Iseraele hara bona.”


Faro a re: “E be hosasane!” Moshe a re: “A ho be jwalokaha o bolela, e le hore o tle o tsebe hore ha ho ya kang Morena, Modimo wa rona.


Empa ha o sa lokolle setjhaba sa ka, ke tla romela diboba ho wena, le ho bahlanka ba hao, le ho setjhaba sa hao, le matlung a hao. Matlo a Baegepeta a tla tlala diboba, le wona mobu oo a hahilweng ho wona.


Ke tla etsa kgethollo pakeng tsa setjhaba sa ka le setjhaba sa hao. Sesupo sena se tla etsahala hosasane.’ ”


Ke seterekeng sa Goshene feela, moo ho neng ho phela bana ba Iseraele, moo sefako se sa kang sa na teng.


Moshe a re ho Faro: “Hanghang ha ke etswa motseng mona, ke tla phahamisetsa matsoho a ka ho Morena; letolo le tla kgaotsa, le sefako se ke ke sa hlola se eba teng, hore o tle o tsebe hore lefatshe ke la Morena.


Morena o tla kgetholla diphoofolo tsa Baiseraele ho diphoofolo tsa Baegepeta, mme ha ho letho le tla shwa ho tsohle tseo e leng tsa bana ba Iseraele.’ ”


Morena a fela a etsa ntho ena ka la hosasane; diphoofolo tsohle tsa Baegepeta tsa eshwa, empa ha se ke ha eshwa phoofolo leha e le nngwe diphoofolong tsa bana ba Iseraele.


Ha ke otla Egepeta ka wona mokgwa ona, Baegepeta ba tla tseba hore ke nna Morena.’ ”


Le tla boela le tseba hore na ya lokileng o fapane jwang le ya kgopo, ya sebeletsang Modimo o fapane jwang le ya sa mo sebeletseng.”


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos