Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Eksoda 5:16 - BIBELE

16 Bahlanka ba hao ha ba sa newa seteroi, empa ho thwe ho bona: ‘Etsang ditene!’ Bona, bahlanka ba hao ba a kgakgathwa; feela molato ke wa setjhaba sa hao.”

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

16 Re le bahlanka ba hao, ha re fuwe setroi, mme ho thwe ho rona: Etsang setene! Re le bahlanka ba hao, re a otlwa, jwaloka hoja batho ba hao ba sebile.

Ver Capítulo Copiar




Eksoda 5:16
6 Referencias Cruzadas  

Yaba ba buisana, ba re: “Tloong, re etseng setene, re se bese, se butswe hantle.” Bakeng sa majwe ba sebedisa setene, bakeng sa seretse ba sebedisa boka.


A bua le sona ho latela keletso ya bahlankana, a re: “Ntate o ne a le imeditse ka mosebetsi; nna ke tla le imetsa le ho feta. Ntate o ne a le shapa ka diphafa; nna ke tla le shapa ka katse.”


Baokamedi ba bana ba Iseraele ba fihla, ba lla ho Faro, ba re: “Ke ka baka lang ha o etsa bahlanka ba hao tjee?


Empa Faro a re: “Le botswa! Le botswa! Ke ka baka lena le reng: ‘Re lokolle, re yo etsetsa Morena sehlabelo.’


Ka boela ka nahana, mme ka bona diketso tsohle tsa kgatello tse etswang mona lefatsheng: Ka bona meokgo ya ba hatellwang, feela bona ba se na motshedisi; bahatelli ba bona ba ena le matla, feela ba hatellwang ba se na motshedisi.


Tsa tswalo ya hao di bile tjena: Mohla o neng o hlaha, kalana ya hao ha e a ka ya kgaolwa; ha o a ka wa hlatsuwa ka metsi hore o hlweke; ha o a ka wa pikitlwa ka letswai, leha e le hona ho phuthelwa ka masela.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos