Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Eksoda 40:7 - BIBELE

7 ebe o bea sekotlolo seo ho itlhatswetswang ka ho sona pakeng tsa Tente ya Morena le aletare, o be o tshele metsi ka ho sona.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

7 Hape, o bee morifi pela tente ya pokano le aletare, mme o o tshele metsi.

Ver Capítulo Copiar




Eksoda 40:7
11 Referencias Cruzadas  

Ke hlapa matsoho ho bontsha hore ha ke na molato, ke potapota aletare ya hao Morena,


Yaba o etsa sekotlolo sa ho itlhatswetsa, le sedulwana sa sona; a di etsa ka lethose; a di etsa ka diipone tsa basadi ba neng ba sebetsa monyakong wa Tente ya selekane.


“O tla bea aletare ya setjheso kapele ho monyako wa Leaho, Tente ya Morena;


O tla hlomela Tente eo ya Morena seotlwana ho potoloha, ebe o lepeletsa lesira la monyako wa seotlwana.


“Mohla tsatsi leo, sediba se tla ba teng, seo ba ntlo ya Davida le baahi ba Jerusalema, ba tla hlwekiswa sebe le ditshila tsa bona ho sona.


a re pholosa, e seng ka baka la mesebetsi e lokileng eo re e entseng, empa e le ka baka la lereko la hae. A re pholosa ka tlhatsuo ya ho tswalwa botjha, eo Moya o Halalelang o re ntjhafatsang ka yona.


Kahoo a re atameleng ka dipelo tse tshepahalang, le ka tumelo e tletseng, re hlwekisitswe dipelo ho kgutsisa matswalo a rona, re hlatswitswe mmele ka metsi a hlwekileng.


Empa haeba re phela leseding, jwalokaha le yena a le leseding, re a phedisana, mme madi a Jesu, Mora wa hae, a re hlwekisa dibe tsohle.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos