Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Eksoda 40:10 - BIBELE

10 O tla tlotsa aletare ya setjheso, le tsohle tsa yona, o hlohonolofatse aletare, mme aletare e tla halalela ka ho fetisisa.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

10 Hape, o tlotse aletare ya ditjheso le mesebetsi yohle ya yona, mme o kgethe aletare; aletare e tla ba ntho e halalelang haholo.

Ver Capítulo Copiar




Eksoda 40:10
13 Referencias Cruzadas  

O di halaletse di tle di halalele ka ho fetisisa, mme eng kapa eng e tla di ama, le yona e tla halalela.


O tla tlotsa sekotlolo se itlhatswetsang le sedulwana sa sona, ebe o a se halaletsa.


Moya wa Morena o tla ba ho yena, Moya wa bohlale le Moya wa kutlwisiso, Moya wa boeletsi le Moya o matla, Moya wa tsebo le Moya wa ho tshaba Morena;


Moya wa Morena Modimo o hodima ka, hobane o ntlotseditse ho bolella mafutsana, molaetsa o molemo. O nthometse ho thoba pelo tsa ba swabileng, ho phatlalletsa bathopuwa tsa tokoloho, le hore ba tjhankaneng ba tla lokollwa;


Se phehwe se sa lomoswa; ke ba file sona e le seabo sa bona se tswang sehlabelong sa ka sa setjheso. Se halalela ka ho fetisisa, jwaloka sehlabelo sa tshwarelo ya dibe le sa tefelo ya melato.


A foka hodima aletare ka ole, ka makgetlo a supileng; a foka le sekotlolo le sedulwana sa sona, hore di halalele.


Lengeloi la mo araba, la re: “Moya o Halalelang o tla theohela ho wena, matla a Ya Hodimodimo a be hodima hao; ka baka leo, eo o tla mo tswala o tla bitswa ya Halalelang, Mora wa Modimo.


mme ke ikgalaletsa ka baka la bona, hore le bona ba halaletswe nneteng.


Eo Modimo a mo romileng o bolela dipolelo tsa Modimo, hobane Modimo o fana ka Moya ho se tekanyetso.


Ke ka Modimo le leng ho Kreste Jesu, eo Modimo a mo entseng bohlale ba lona, le ho loka ha lona, le kgalalelo ya lona, le topollo ya lona.


Kreste ya neng a se na sebe, Modimo o ile a mo nka e le moetsadibe ka baka la rona, e le hore ka yena Modimo a re etse ba lokileng.


Re lokelwa ke Moprista e Moholo ya jwalo, ya halalelang, ya se nang bobe leha e le sekodi, ya sa amaneng le baetsadibe, ya phahamiseditsweng kahodimo ho mahodimo.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos