Eksoda 4:5 - BIBELE5 Morena a re ho yena: “O etse jwalo, ba tle ba kgolwe hore Morena, Modimo wa bo-ntata bona, Modimo wa Aborahama, Modimo wa Isaka, le Modimo wa Jakobo, o fela a ile a iponahatsa ho wena.” Ver CapítuloSesotho 1909/1961 (SO)5 Ke hore ba tle ba kgolwe hobane Jehova, Modimo wa bontata bona, Modimo wa Abrahama, Modimo wa Isaaka, Modimo wa Jakobo, o iponahaditse ho wena. Ver Capítulo |
Ha nako ya ho etsa nyehelo ya mantsiboya ya sehlabelo sa setjheso, e fihlile, moporofeta Elia a atamela, a re: “Oho, Morena Modimo wa Aborahama, le Isaka, le Iseraele, a ho ke ho tsejwe kajeno, hore o Modimo wa Iseraele, le hore nna ke mohlanka wa hao, le hore ke entse dintho tsena tsohle ka taelo ya hao.
“Jwale ba tla mamela lentswe la hao. Wena le baholo ba Iseraele le tla ya ho kgosi ya Egepeta, mme le re ho yona: ‘Morena, Modimo wa Baheberu, o teane le rona; kahoo re a o kopa, hore o re dumelle re nke leeto la matsatsi a mararo, re ye lehwatateng, re yo etsetsa Morena, Modimo wa rona, sehlabelo.’