Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Eksoda 4:24 - BIBELE

24 Yare ha ba le tseleng, moo ba neng ba robaleditse teng, Morena a teana le Moshe, mme a batla ho mmolaya.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

24 Mme ha ba le tseleng, moo ba robalang teng, Jehova a kgahlana le Moshe, a batla ho mmolaya.

Ver Capítulo Copiar




Eksoda 4:24
8 Referencias Cruzadas  

Motho wa leqai, ya sa bolotswang ka ho pongwa leeko, o tla kgaolwa setjhabeng sa habo, hobane o sentse selekane sa ka.”


Moo ba robaleditseng teng, ha e mong wa bona a qhaqholla mokotla wa hae, ho fepa tonki ya hae, a fumana tjhelete ya hae e le teng ka molomong wa mokotla wa hae.


Ha moporofeta eo a ntse a tsamaya, a kopana le tau tseleng, mme ya mmolaya. Setopo sa hae sa rapalla kahara tsela, tonki ya ema pela sona, le tau ya ema pela sona.


Ha Davida a re mahlo tloha! a bona lengeloi la Morena le eme sepakapakeng, le tshwere sabole, le e kokoseditse hodima Jerusalema. Bo-Davida le baholo ba setjhaba, ba neng ba apere diaparo tse mahwashe, ba obamela fatshe ka difahleho.


“Jwale ba tla mamela lentswe la hao. Wena le baholo ba Iseraele le tla ya ho kgosi ya Egepeta, mme le re ho yona: ‘Morena, Modimo wa Baheberu, o teane le rona; kahoo re a o kopa, hore o re dumelle re nke leeto la matsatsi a mararo, re ye lehwatateng, re yo etsetsa Morena, Modimo wa rona, sehlabelo.’


Ke tla ba futuhela se bere e le tshehadi, sa bere e bolaetsweng madinyane a yona, ke tsekolle maaparapelo a bona, ke ba harole jwaloka tauhadi, jwaloka hoja ba harotswe ke sebatana.


Moshe a re ho Arone: “Sena ke seo Morena a neng a se bolela, ha a re: ‘Ke tla bonahatsa ho halalela ha ka ho ba leng haufinyane le nna, mme ke tla tlotliswa kapele ho setjhaba sohle.’ ” Arone a kgutsa.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos