Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Eksoda 36:4 - BIBELE

4 Banna bohle ba bohlale, ba etsang mosebetsi wohle wa Sehalalelo, ba tlohela mosebetsi oo ba neng ba o etsa, ba tla.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

4 Yaba banna bohle ba masene, ba sebetsang mesebetsi yohle ya sehalalelo, ba tlohela e mong le e mong mosebetsi oo a o sebetsang, ba tla, ba re ho Moshe:

Ver Capítulo Copiar




Eksoda 36:4
6 Referencias Cruzadas  

Basebetsi ba sebetsa ka thata, ba phetha mosebetsi, mme ba kgutlisetsa Tempele ya Morena sebopehong sa yona, ba e matlafatsa.


Ba amohela dimpho tsohle ho Moshe, tseo bana ba Iseraele ba di tliseditseng mosebetsi wa hore ho hahwe Sehalalelo ka tsona. Ba nna ba tlisa dimpho tsa boithaopo ho yena hoseng ho hong le ho hong.


Ba bua le Moshe, ba re: “Setjhaba se tlisa dintho tse ngata ho feta tse hlokwang bakeng sa ho etsa mosebetsi oo Morena a laetseng hore o etswe.”


“Jwale ke ofe mohlanka ya tshepahalang, ya bohlale, eo monga hae a mmeileng ho laola ba lelapa la hae, hore a ba fepe ka nako e lokelang?


Morena a re: “Ke ofe mookamedi ya tshepahalang, ya bohlale, eo monga hae a tla mmea hodima basebeletsi ba hae ho ba fa seabo sa dijo ka nako e lokelang?


Ka mohau oo Modimo a nketseditseng wona ke ile ka etsa motheo jwaloka sehahi se bohlale; e mong a haha hodima wona. Empa e mong le e mong a hlokomele hore na o haha jwang.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos