Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Eksoda 26:30 - BIBELE

30 “O tla etsa leaho ho latela setshwantsho seo o se bontshitsweng ha o le thabeng.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

30 O hlome tabernakele ka mokgwa oo o o bontshitsweng thabeng.

Ver Capítulo Copiar




Eksoda 26:30
14 Referencias Cruzadas  

Yaba Davida o re: “Tsena tsohle ke di ngotse, hobane letsoho la Morena le ile la ntataisa, mme a etsa hore ke utlwisise diqaqiso tsohle tsa setshwantsho sena.”


Hlokomela, o di etse ho latela setshwantsho seo o se bontshitsweng ha o le thabeng.”


Le se etse ho latela tsohle tseo ke tla o bontsha tsona setshwantshong, e leng setshwantsho sa leaho, le setshwantsho sa thepa yohle ya lona.”


Ditshiya tsena o tla di maneha kgauta, o di etsetse mefitshane ya kgauta, eo ho tla kgweswa maballo ho yona, mme ao le wona o tla a maneha kgauta.


O tle o e etse ka dithupa, tse fatilweng sekoti hare; o e etse hore e be jwalokaha o ile wa e bontshwa ha o le thabeng.”


“Ka letsatsi la pele, la kgwedi ya pele, o tla hloma Leaho, Tente ya Morena.


Jwale ba morabe wa Kohate, ba neng ba jara dintho tse halalelang, ba tswela pele leetong, mme Tente ya Morena e ile ya hlongwa pele ba fihla.


Sedulwana se ne se entswe ka kgauta e thutsweng; ho tloha lenonong la sona ho isa dipaleseng tsa sona, e ne e le ntho e le nngwe, e le mosebetsi o thutsweng, ho ya ka setshwantsho seo Morena a neng a se bontshitse Moshe.


“Bo-ntata rona ba ne ba ena le Tente e pakang boteng ba Modimo lehwatateng, kamoo ho laetseng ya neng a bua le Moshe kateng, hore a e etse jwaloka setshwantsho seo a ileng a se bona.


Ke mosebeletsi wa Sehalalelo, le wa tente ya nnete e hlomilweng ke Morena, e seng ke motho.


Feela bosebeletsi ba bona ke mohlala le setshwantsho sa tse mahodimong, jwalokaha Modimo a ile a lemosa Moshe, ha a le lekgatheng la ho hloma Tente, a re: “Bona, o tla etsa tsohle ho latela seo o neng o se bontshwe ha o le thabeng.”


Ha e le mona dintho tsena, tse tshwantshang tse mahodimong, di hlwekiswa ka mokgwa ona, eka kgona tsena tsa mahodimo tsona di hlwekiswe ka mahlabelo a fetang ao.


Setjhaba sohle sa bana ba Iseraele sa phuthehela Shilo, mme sa hloma Tente ya Morena hona moo, hobane se ne se se se hapile naha eo.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos