Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Eksoda 24:7 - BIBELE

7 Jwale a nka buka ya selekane, a e balla setjhaba moo se ntseng se utlwa, mme sona sa re: “Re tla phetha tsohle tse builweng ke Morena, re di hlomphe.”

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

7 A ba a nka buka ya selekane, a e balla setjhaba; mme ba re: Tseo tsohle Jehova a di boletseng, re tla di etsa le ho di utlwa.

Ver Capítulo Copiar




Eksoda 24:7
17 Referencias Cruzadas  

Ho ne ho se letho kahara areka, haese matlapa a mabedi, ao Moshe a neng a a kenye kateng ha ba le Horebe, mohla Morena a etsang selekane le bana ba Iseraele, ha ba ne ba etswa naheng ya Egepeta.


Ba hlapanyetsa Morena ka ditlatse tse kgolo, le ka mehoo, le ka diterompeta, le ka manaka.


O re: “Bokellang batshepuwa ba ka, le ba bokelle kapele ho nna, e leng ba entseng selekane le nna ba se entseng ka mahlabelo.”


Ba ne ba ye ba mo qekise ka melomo ya bona, ba mo thetse ka maleme a bona;


Setjhaba sohle sa arabela hong, sa re: “Sohle seo Morena a se buileng re tla se phetha.” Moshe a ya bolella Morena mantswe wohle ao setjhaba se a buileng.


“Morena Modimo wa Iseraele, o bua tjena: Ke ne ke etse selekane le bo-ntata lona moholo mohla ke neng ke ba ntsha naheng ya Egepeta, bokgobeng, ka re:


Re tla mamela lentswe la Morena Modimo wa rona, eo re o romang ho yena, leha le ka ba monate kapa la ba bohloko, hore ditaba tsa rona di tle di tsamaye hantle, ha re mamela lentswe la Morena Modimo wa rona.”


“ ‘Hamorao ha ke feta pela hao hape, ke o tadima, ka bona hore o se o hodile hoo o lokelang ho ferehwa. Yaba ke o apesa seaparo sa ka ho pata bofeela ba hao. Ka o hlapanyetsa, ka etsa selekane le wena, mme wa ba wa ka, ho rialo Morena Modimo.


Na rona bohle ntata rona ha a mong? Na ha re a boptjwa ke Modimo a le mong? Ke ba baka lang ha re silafatsa selekane sa baholoholo ba rona ka ho hlokelana botshepehi?


Yare hoba ba bale Molao le Baporofeta, baokamedi ba ntlo ya thapelo ba romela ho bona, ba re: “Banna ba heso, haeba le ena le lentswe le leng la ho kgothatsa batho bana, buang.”


Ha le se le badile lengolo lena, le le fetisetse ho ba kereke e Laodisea ba le bale; le lona le bale le tswang Laodisea.


Ka Morena, ke ipiletsa ho lona, ke re: Lengolo lena le ballwe bana babo rona bohle.


Setjhaba sa re ho Joshua: “Re tla sebeletsa Morena Modimo wa rona, mme re tla mamela lentswe la hae.”


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos