Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Eksoda 23:9 - BIBELE

9 “O se ke wa hatella mojaki; o tseba maikutlo a mojaki, hobane le lona le bile bajaki naheng ya Egepeta.”

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

9 O se ke wa tuba moditjhaba; le lona le tseba maikutlo a moditjhaba hobane le bile baditjhaba lefatsheng la Egepeta.

Ver Capítulo Copiar




Eksoda 23:9
13 Referencias Cruzadas  

Ba fenetha mohlolohadi le mojaki, ba bolaya le dikgutsana.


Empa ha le ka phela letsatsi kapa a mabedi, le ke ke la phetetswa, hobane lekgoba leo ke tjhelete ya hae.


“Ya etsetsang medimo esele mahlabelo, o lokela ho timetswa.


“O se ke wa sotla kapa wa hatella mojaki, hobane le lona le ne le le bajaki naheng ya Egepeta.


Baahi ba naha ena ba hatella batho, ba a utswa, ba sotla mofutsana le mohloki, ba hlokofatsa moditjhaba, ha ba ba sebeletse ka toka.


Baahi ba hao ba nyedisa bo-ntata bona le bo-mma bona, ba hatella moditjhaba, ba hlorisa kgutsana le mohlolohadi.


“ ‘Ha moditjhaba a jakile naheng ya habo lona, le se ke la mo sotla.


Na e ne e se tshwanelo hore le wena o hauhele molekane wa hao, jwalokaha le nna ke ile ka o hauhela?’


Ka baka leo, ratang bajaki, hobane le lona le ne le le bajaki naheng ya Egepeta.


“O se ke wa nyonya Moedomo, hobane ke ngwaneno. O se ke wa nyonya Moegepeta, hobane o ne o le mojaki naheng ya habo.


“ ‘Ho rohakehe ya sokamisang kahlolo ya mojaki, kapa ya kgutsana, kapa ya mohlolohadi!’ “Setjhaba sohle se re: ‘A ho be jwalo!’


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos