Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Eksoda 23:7 - BIBELE

7 O be hole le qoso ya leshano. O se ke wa bolaya ya se nang molato le ya lokileng, hobane ha nka ke ka lokolla molotsana.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

7 Balehela kahlolo e leshano, mme o se ke wa bolaya ya se nang molato le ya lokileng, hobane nke ke ka etsetsa e mobe jwaloka hoja a lokile.

Ver Capítulo Copiar




Eksoda 23:7
24 Referencias Cruzadas  

Jwale Aborahama a atamela, a re: “Na o tla hlo timetse ba lokileng mmoho le ba kgopo?


Ha o ka kgutlela ho Ya Matla wohle, yena o tla o hlohonolofatsa, ha o fedisa bokgopo kahara leaho la hao.


Nqobise tsela ya leshano, o nkgauhele ka ho nthuta Molao wa hao.


Ba ikopanya mmoho ho fedisa bophelo ba ya lokileng, ba ahlolela ya se nang molato lefu.


“O se ke wa bolaya.


“O se ke wa etseletsa motho e mong.


“O se ke wa bolela taba tsa leshano. O se ke wa thusa motho ya kgopo, ka ho fana ka bopaki ba leshano.


ya hauhelang ba diketekete ka ho ba tshwarela bokgopo ba bona, le ditlolo tsa bona, le dibe tsa bona, empa ya ke keng a tlohela ho otla ba molato; ya otlang bana, le ditloholo, ka baka la bokgopo ba bo-ntata bona, ho isa molokong wa boraro le wa bone.”


Ruri ba kgopo ba tla ahlolwa, ba lokileng bona ba pheme kahlolo.


Ya lokollang ya kgopo le ya ahlolang ya lokileng, bobedi ba bona ke manyala ho Morena.


Motho ya metsamao e lokileng, ya puo di ntle, ya hloileng ho rua ka mahahapa, ya sa amoheleng tjotjo, ya sa mameleng merero ya ho bolaya, ya thibelang mahlo a hae hore a se bone bobe;


Ho madimabe ba reng bobe ke ho loka, ho loka ke bobe, ba reng lefifi ke lesedi, lesedi ke lefifi, ba reng ho babang ho monate, ho monate ho a baba.


“ ‘Le se ke la utswa, le se ke la etsetsana bolotsana, kapa la bolellana mashano.


“ ‘O se ke wa tsamaisa leshano hara setjhaba sa heno; o se ke wa tshabella mohaeno ha a bolawa. Ke nna Morena.


Morena o dieha ho halefa, o matla haholo, a ke ke a lesa ho otla ba molato. O tsosa setsokotsane le sefefo ha a tsamaya, maru a ke lerole maotong a hae.


Le masole a mmotsa, a re: “Rona re etseng?” A re ho wona: “Le se ka la inkela tsa batho ka mahahapa, leha e le ho ba hatella; le kgotsofalle moputso wa lona.”


Kgalefo ya Modimo e senotswe e etswa lehodimong, e theohela hodima bohle ba sa hlompheng Modimo, ba sa lokang, ba thibelang nnete ka ho se loke ha bona,


Ka baka leo, tlohelang leshano, motho ka mong a bue nnete le wa bo, hobane re ditho tsa mmele o le mong.


“Ha ho ena le tsekisano pakeng tsa banna, ba tla tla lekgotleng la boahlodi, mme baahlodi ba ba ahlolele. Ba tla lokolla ya se nang molato, ba ahlole ya molato.


“ ‘Ho rohakehe ya amohelang tjotjo, hore a bolaye motho, a tsholle madi a se nang molato!’ “Setjhaba sohle se re: ‘A ho be jwalo!’


mme le sesefe bobe ba mofuta ofe kapa ofe.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos