Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Eksoda 22:23 - BIBELE

23 Ha le fela le mo hlekefetsa, ruri ke tla utlwa sello sa hae, ha a ipiletsa ho nna.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

23 Ekare ha o ba tshwenya, mme ba tla, ba howeletsa ho nna, ke tla mamela mehoeletso ya bona;

Ver Capítulo Copiar




Eksoda 22:23
19 Referencias Cruzadas  

Dillo tsa mafutsana ba di fihlisitse ho yena, dillo tsa bahlomohi Modimo o a di utlwa.


“Batho ba lliswa ke ho hatellwa haholo, ba llela ho namolelwa kgokeng tsa ramonatla.


Athe wena o bona bomadimabe le mahlomola; o a di lemoha, mme o a di laola. Ya tsielehileng o tshepile wena, ke wena mothusi wa dikgutsana.


Moetseletsi a se hlole a eba teng, e eba teng lefatsheng lena, motho ya sehloho a futuhelwe ke bokgopo, bo mo timetsang.


O phetha ditakatso tsa ba mo tshabang, o utlwa sello sa bona, mme o a ba pholosa.


Maraba a lefu a ne a mpotapotile, difi tsa lefu di ne di ntjhehile.


Binelang Modimo, rokang lebitso la hae, lokisang tsela ya ya kaletseng maru. Lebitso la hae ke Morena, nyakallang mahlong a hae.


hobane ke sona seaparo sa hae feela, ke sona se mo futhumatsang. A ka robala kang? Ha a ka ipiletsa ho nna ke tla mo utlwa, hobane ke mohau.


Re dikgutsanyana, bo-ntata rona ba shwele, bo-mma rona ba fetohile bahlolohadi.


Na Modimo ha a na ho ahlolela bakgethwa ba hae ba mo rapelang motsheare le bosiu? Na o tla ba diehela?


O ahlola kgutsana le mohlolohadi ka toka, o rata mojaki, o a mo fepa, o a mo apesa.


Itlhokomeleng, esere ka dipelong tsa lona la ba le mehopolo e mebe, la re: ‘Selemo sa bosupa, e leng selemo sa ho leballana melato, se atametse;’ ebe ngwanabo lona ya hlokang le mo tadima ka leihlo le lebe, ha le mo nee letho. Jwale o tla lla ka lona ho Morena, mme e tla ba le entse sebe.


O mo nee moputso wa hae wa letsatsi ka leng; letsatsi le se ke la dikela a eso o fumane, hobane ke mofutsana, mme o lebeletse moputso oo, e le hore a se ke a ipiletsa ho Morena ka baka la hao, mme ebe o entse sebe.


Bonang moputso wa basebetsi ba kotutseng masimo a lona, oo le sa kang la ba lefa wona, o a bua, mme dillo tsa bakotudi di fihlile ditsebeng tsa Morena wa mabotho.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos