Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Eksoda 22:2 - BIBELE

2 “Haeba leshodu le fumanwa le thua, mme le otlwa, le bolawa, ya le bolaileng a ke ke a ba le molato wa ho tsholla madi.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

2 Ekare ha leshodu le tshwarwa le phunya, mme le bolawa le eshwa, ha ho molato wa madi ho ya le bolaileng.

Ver Capítulo Copiar




Eksoda 22:2
11 Referencias Cruzadas  

Mmolai o tsoha ha mafube a hlaha, a bolaye mofumanehi, a bolaye le mofutsana; athe bosiu teng o fetoha leshodu hantle.


Bosiu mashodu a thuakanya matlo, motsheare teng ebe a a ipata; lesedi lona ha a kopane le lona.


Ba lelekwa hara batho ba bang, ba kueletswe jwalokaha eka ke mashodu.


Aparong tsa hao madi a fumanwe, madi a bafumanehi ba se nang molato, e seng madi a mashodu, dithuamatlo.


“Ha ke re ke fodisa Iseraele, dibe tsa Efraime di a pepeseha, bokgopo ba Samaria bo senolehe: Bobedi ba etsetsana bolotsana, Mashodu a a thua, a kene ka matlung, diterateng dinokwane di hape tsa batho.


Le feresa motse, le mathe hodima marako, le hlwelle le kahodima matlo, le kene ka difesetere se ka mashodu.


eba mophetetsi wa madi a tsholotsweng o mo fumana kantle ho moedi wa motse oo a tshabetseng ho wona, mme mophetetsi eo wa madi a tsholotsweng o a mmolaya, ha a na ho ba le molato wa ho tsholla madi,


Le a tseba hore hoja monga ntlo a tseba nako eo leshodu le tla tla ka yona bosiu, a ka be a ile a fadimeha, mme a se ke a dumela hore ntlo ya hae e thuuwe.


Le lona le tseba hantle hore Letsatsi la Morena le tla tla jwaloka leshodu le tlang bosiu.


Ho se be teng hara lona ya hlokofatswang kahobane e le mmolai, kapa leshodu, kapa sesenyi, kapa ya itshunyakang ditabeng tsa ba bang.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos