Eksoda 21:2 - BIBELE2 “Ha o reka lekgoba leo e leng Moheberu, le tla o sebeletsa ka dilemo tse tsheletseng, mme ka selemo sa bosupa le tla lokoloha le sa lefe letho. Ver CapítuloSesotho 1909/1961 (SO)2 Etlare hobane o reke lekgoba la Moheberu, le tla o sebeletsa ka lemo tse tsheletseng; ka sa bosupa, le tla tswa feela, le sa lefe letho. Ver Capítulo |
Mosadi e mong, eo monna wa hae e neng e le e mong wa sehlopha sa baporofeta, a fihla ho Elisha, a re: “Mohlanka wa hao, e leng monna wa ka, o shwele. O a tseba hore mohlanka eo wa hao o ne a hlompha Morena. Jwale motho eo monna wa ka a neng a nkile molato ho yena, o tlile ho tla nka bara ba ka ba babedi, ho ya ba etsa makgoba a hae.”