15 “Ya otlang ntatae kapa mmae, ruri o tla bolawa.
15 Ya ka otlang ntatae, kapa mmae, a bolawe.
Empa ha e mong a tsohela motho e mong matla ka boomo, mme a mmolaya ka bolotsana, leha a ka balehela aletareng ya ka, o tla mo tlosa, a yo bolawa.
“Motho ya utswang motho e mong, ebang o a mo rekisa; kapa o fumanwa a sa le matsohong a hae, ruri eo o tla bolawa.
“Moloko o teng o rohakang bo-ntata wona, o sa hlompheng le bo-mma wona.
“Leihlo le tshehang ntata lona, le nyedisang taelo ya mma lona, makgwaba a dikgohlo a tla le honya, mme madinyane a ntsu a le je.
“ ‘Ho rohakehe ya bolayang mohahabo ka sekgukgu!’ “Setjhaba sohle se re: ‘A ho be jwalo!’
Feela ho ke ho tsejwe hore molao ha o a etsetswa ba lokileng, empa o etseditswe ba sa lokang le ditlokotsebe, ba kgopo le baetsadibe, ba sa halaleleng le ba sebeletsang lefatshe, ba bolayang bo-ntata bona le bo-mma bona, ba bolayang batho,