12 “Ya otlang motho, mme motho eo a eshwa, ruri o tla bolawa.
12 Ekare ha e mong a bata motho, mme eo a eshwa, a bolawe.
Madi a lona, e leng bophelo ba lona, ke tla a batla. Ke tla a batla dibataneng tsohle, le matsohong a motho. Ke tla batla bophelo ba motho matsohong a ngwanabo.
“Mang le mang ya tshollang madi a motho, le yena madi a hae a tla tshollwa ke motho, hobane Modimo o entse motho ka setshwano sa Modimo.
Davida a re ho Nathane: “Ke sitetswe Morena.” Yaba Nathane o re ho Davida: “Le Morena o hlakotse sebe sa hao; ha o na ho shwa.
“O se ke wa bolaya.
Ha a sa le etsetse letho la tsena tse tharo, le tla itsamaela feela, le sa lefa tjhelete.”
“ ‘Ha motho a otla motho e mong, mme a mmolaya, le yena o tla bolawa.
Yaba Jesu o re ho yena: “Busetsa sabole ya hao selateng sa yona, hobane bohle ba tshwarang sabole ba tla bolawa ka sabole.
“ ‘Ho rohakehe ya bolayang mohahabo ka sekgukgu!’ “Setjhaba sohle se re: ‘A ho be jwalo!’