Eksoda 20:23 - BIBELE23 Le se ke la ba le medimo e meng kantle ho nna; le se ke la iketsetsa medimo ya silefera, kapa medimo ya kgauta. Ver CapítuloSesotho 1909/1961 (SO)23 Le se ka la iketsetsa medimo ya silefera, kapa medimo ya kgauta ho e bapisa le nna; le se ke la iketsetsa yona. Ver Capítulo |
O ikgohomoseditse Morena ya lehodimong. Ba o tliseditse dinwelo tse tswang ka Tempeleng ya hae, mme wena le mahosana a hao, le basadi ba hao, le basadi ba hao ba mafielo, le nweletse veine ka ho tsona. O ile wa rorisa medimo ya silefera, le ya kgauta, le ya lethose, le ya tshepe, le ya lehong, le ya lejwe, e sa boneng, e sa utlweng, e sa tsebeng letho. Empa ha o a ka wa tlotlisa Modimo eo bophelo ba hao le metsamao yohle ya hao e leng ka letsohong la hae.
Mmika a kgutlisetsa ho mmae tjhelete ya silefera e ka etsang boima ba dikilo tse leshome le metso e meraro. Mmae a re: “Silefera ena e tswang letsohong la ka ke e abela Morena, ka baka la mora wa ka, hore ho etswe setshwantsho se betlilweng, le setshwantsho se bopilweng. Ka baka leo, ke e kgutlisetsa ho wena.”