Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Eksoda 2:6 - BIBELE

6 Ha a se kwaholla, a bona ngwana wa moshanyana a ntse a lla. A mo hauhela, a re: “Enwa ke e mong wa bana ba Baheberu.”

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

6 Yaba o a se kwaholla, a bona ngwana, a fihlela e le ngwana wa moshanyana a ntse a lla, mme a mo qenehela, a re: Ke ngwana e mong wa Baheberu.

Ver Capítulo Copiar




Eksoda 2:6
10 Referencias Cruzadas  

Tshwarela setjhaba sa hao se o sitetsweng, o se tshwarele ditshito tsa sona, tseo se o sitetsweng ka tsona. Etsa hore bao ba se thopileng ba be le mohau, ba se hauhele.


Oho, Morena, ke a o rapela: Ako thee tsebe o mamele thapelo ya mohlanka wa hao, le thapelo ya bahlanka ba hao, ba tjhesehelang ho hlompha lebitso la hao. Ke a o rapela: Ako atlehise mohlanka wa hao, hona kajeno, mme o etse hore monna enwa a mo hauhele.” Mehleng eo ke ne ke le moqhatsetsi wa kgosi.


A etsa hore bohle ba neng ba ba isitse bothopuweng ba ba utlwele bohloko.


Jwale Faro a laela setjhaba sa hae sohle, a re: “Bashanyana bohle ba Baheberu ba tla tswalwa, le ba akgele ka nokeng, empa, banana bohle bona le ba tlohele ba phele.”


Jwale moradi wa Faro a theohela nokeng, ho ya tola; barwetsana ba mo sebeletsang ba nna ba tsamaya lebopong la noka. Moradi wa Faro a bona sethoto hara lehlaka, mme a romela lekgabunyane la hae ho ya se lata.


Yaba kgaitsedi ya ngwana eo e re ho moradi wa Faro: “Na nka ya o bitsetsa mosadi wa Moheberu ya nyantshang, a tle a o nyantshetse ngwana eo?”


Pelo ya kgosi e ka atleng tsa Morena, o e isa moo a ratang sa metsi a molatswana.


Eka kgona motho ka mong a lokolle lekgoba la hae le lekgabunyane la hae, leo e leng Moheberu, e le hore ho se be le ya mong ya ka sebeletswang ke lekgoba la Mojuda eo e leng ngwanabo.


Ha a se a lahlilwe, moradi wa Faro a mo thola, a ikgodisetsa yena jwaloka hoja e le mora wa hae.


Ke qetella ka ho re lona bohle le be pelonngwe, le utlwelane bohloko, le ratane jwaloka bana ba motho, le be mosa, le ikokobetse.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos