Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Eksoda 2:10 - BIBELE

10 Ha ngwana a se a hodile, mosadi a mo tlisa ho moradi wa Faro, ya eba mora wa hae. A mo rea lebitso la Moshe, a re: “Ke hobane ke mo inotse metsing.”

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

10 Eitse ha ngwana a hodile, a mo tlisa ho moradi wa Faro, mme ya eba mora wa hae, a mo rea lebitso la Moshe, a re: Ke hobane ke mo ntshitse metsing.

Ver Capítulo Copiar




Eksoda 2:10
11 Referencias Cruzadas  

Hape lengeloi la Morena la re ho yena: “Bona, o moimana, mme o tla tswala mora. O tla mo rea lebitso la Ishemaele, hobane Morena o utlwile matshwenyeho a hao.


Adama a boela a kena dikobong tsa mosadi wa hae, mosadi a mo tswalla mora eo a ileng a mo rea lebitso la Seta. Eva a re: “Modimo o mphile ngwana e mong bakeng sa Abele, hobane Kaine o ne a mmolaye.”


“Jwale bara ba hae ba babedi, bao o ba tswaletseng naheng ya Egepeta, pele ke etla ho wena mona Egepeta, ke ba ka. Efraime le Manase e tla ba bara ba ka jwaloka Rubene le Simeone.


“Morena a nnanabela a le hodimo, a nnanabela, a ntshwara, a nkinola metsing a lewatle.


Yaba moradi wa Faro o re: “Nka ngwana enwa, o yo nnyantshetsa yena, mme ke tla o nea moputso wa hao.” Mosadi eo a nka ngwana, mme a ya mo nyantsha.


o tla tswala mora, mme o tla mo rea lebitso la Jesu, hobane o tla pholosa setjhaba sa hae dibeng tsa sona.”


hore a tle a lopolle ba tlasa Molao, re tle re etswe bana ba Modimo.


Ka tumelo ha Moshe a se a hodile, o ile a hana ho bitswa mora wa moradi wa Faro;


Bonang, Ntate o re ratile hakaakang, hore re be re bitswe bana ba Modimo, mme re fela re le bona. Ke ka lebaka lena lefatshe le sa re tsebeng, hobane ha le a ka la tseba Modimo.


Ha ho se ho fetile nako e itseng, Anna a ithwala, mme a beleha mora. A mo rea lebitso la Samuele, a re: “Ke hobane ke mo kopile ho Morena.”


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos