Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Eksoda 18:14 - BIBELE

14 Mohwe wa Moshe a bona tsohle tseo Moshe a neng a di etsetsa setjhaba, mme a re: “Keng ee, eo o e etsetsang setjhaba? Ke ka baka lang ha o ahlola o le mong, mme setjhaba sohle se eme kapele ho wena ho tloha hoseng, ho fihlela mantsiboya?”

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

14 Eitse ha mohwehadi wa Moshe a bona tsohle tseo a di etsetsang setjhaba, a re: Taba eo o e etsetsang setjhaba ke efe? O dula o nnotshi ka baka lang, mme setjhaba sohle se emetseng pela hao ho qala hosasa ho fihlela mantsiboya?

Ver Capítulo Copiar




Eksoda 18:14
6 Referencias Cruzadas  

Abosalome o ne a ye a tsohe e sa le hoseng, a yo ema tseleng e yang kgorong ya motse. E ne e ye ere ha motho ya nang le nyewe a eya ho kgosi hore a yo ahlolelwa, ebe Abosalome o a mmitsa, o re ho yena: “O tswa motseng ofe?” Eo a re: “Mohlanka wa hao o tswa ho o mong wa merabe ya Iseraele.”


Ka letsatsi la hosasane Moshe a dula kgotla ho ahlola batho. Setjhaba sa ema kapele ho Moshe ho tloha hoseng, ho fihlela mantsiboya.


Yaba Moshe o re ho mohwe wa hae: “Ke hobane batho ba tla ho nna ho tla tseba thato ya Modimo.


Ba ahlolela batho ka dinako tsohle. Dinyewe tse boima ba di isa ho Moshe, empa dinyewe tsohle tse nyenyane ba di ahlola ka bobona.


Ba mo kenya tjhankaneng, hobane ho ne ho eso bolelwe hore na a etswe jwang.


Bana ba mohwe wa Moshe, eo e leng Mokene, ba nyoloha le banna ba Juda ho tloha motseng wa dipalema, ho ya lefeelleng la Juda le ka borwa ho Arada. Ba ya, ba aha le setjhaba seo.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos