Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Eksoda 17:5 - BIBELE

5 Yaba Morena o re ho Moshe: “Nka ba bang ba baholo ba setjhaba sa Iseraele, o ye kapele ho sona; ka letsohong la hao o nke molamu wa hao, oo o neng o otle metsi a noka ka wona, o tsamaye.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

5 Jehova a re ho Moshe: Tswela kapele ho setjhaba, o tsamaye le baholo ba Iseraele, o nke lere la hao, leo o otlileng noka ka lona, letsohong la hao, o ye.

Ver Capítulo Copiar




Eksoda 17:5
8 Referencias Cruzadas  

Ke wena ya ileng a bulela didiba, wa bulela le dinokana, wa pshesa dinoka tse phallang kamehla.


Wena phahamisa molamu wa hao, o otlollele letsoho la hao hodima lewatle, mme o le arole koto tse pedi, bana ba Iseraele ba tle ba tsamaye hara lewatle, mobung o ommeng.


“Tsamaya, o bokelle baholo ba Iseraele, o re ho bona: ‘Morena, Modimo wa bo-ntata lona, Modimo wa Aborahama, le Isaka, le Jakobo, o iponahaditse ho nna, a re: Ke ile ka le etela, mme ka bona tseo le di etswang naheng ya Egepeta.


“Jwale ba tla mamela lentswe la hao. Wena le baholo ba Iseraele le tla ya ho kgosi ya Egepeta, mme le re ho yona: ‘Morena, Modimo wa Baheberu, o teane le rona; kahoo re a o kopa, hore o re dumelle re nke leeto la matsatsi a mararo, re ye lehwatateng, re yo etsetsa Morena, Modimo wa rona, sehlabelo.’


Ha e le wena ngwana motho, o se ke wa se tshaba, kapa wa tshoha dipolelo tsa sona. O se ke wa se tshaba leha o ka teelwa hare ke tshehlo le meutlwa, wa phela hara diphepheng. O se ke wa tshaba seo se se buang kapa sa o tshosa, le hoja e le setjhaba sa bafetohedi.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos