Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Eksoda 17:12 - BIBELE

12 Jwale matsoho a Moshe a kgathala. Ba nka lejwe, ba le bea katlasa Moshe, mme a dula hodima lona. Arone le Hure ba tshehetsa matsoho a hae, e mong ka lehlakoreng lena, e mong ka ho lane; jwale matsoho a hae a tiya ho fihlela letsatsi le dikela.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

12 Empa matsoho a Moshe a kgathala; yaba ba nka lejwe, ba le bea katlasa hae, a dula hodima lona, mme Aarone le Hure ba tshehetsa matsoho a hae, e mong ka ho le leng, e mong ka ho le leng; matsoho a hae a tiya jwalo ho fihlela letsatsi ha le dikela.

Ver Capítulo Copiar




Eksoda 17:12
15 Referencias Cruzadas  

Nka lerumo le kwakwa, o thibe ba ntlhorisang. Ere ho nna: “Ke nna pholoho ya hao.”


Ha Moshe a ntse a phahamisitse matsoho a hae, Baiseraele ba ne ba hlola, empa ha a phomotsa matsoho a hae, Baamaleke ba ne ba hlola.


Joshua a hlola Baamaleke, a ba bolaya ka sabole.


O ne a ile a re ho baholo: “Re emeleng mona, ho fihlela re kgutlela ho lona. Bo-Arone le Hure ba sala le lona; mang kapa mang ya nang le ditaba a ke a di hlahise ho bona.”


Matlafatsang matsoho a fokolang, le tiise le mangwele a rerekelang;


ha lona le ntse le re tlatsa ka dithapelo tsa lona. Ka mokgwa ona, kaha re tla be re fumane thuso ka ho rapellwa ke batho ba bangata, le teng re tla lebohelwa ho Modimo ke ba bangata.


Dithapelong le dikopong tsohle, le nne le rapele ka Moya ka nako tsohle. Le fadimehele ho rapella badumedi bohle ka tiisetso.


Ke tseba hore, ka dithapello tsa lona le ka thuso ya Moya wa Jesu Kreste, qetello ya tsena tsohle e tla ba pholoho ya ka.


Tiisetsang thapelong ka phadimeho le ka teboho.


Bana beso, re rapelleng le rona.


Ka baka leo, phahamisang matsoho a lona a kgathetseng, le matlafatse mangwele a lona a rerekelang.


Feela a bo kope ka tumelo, a sa belaele letho, hobane ya belaelang o tshwana le leqhubu la lewatle le tsokotswang ke moya.


Joshua a se ke a kgutlisa letsoho la hae le neng le supile Ai ka lerumo, ho fihlela baahi bohle ba Ai a ba timeditse ho hang.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos