Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Eksoda 17:10 - BIBELE

10 Joshua a etsa jwalokaha Moshe a mo laetse, a ya lwantsha Baamaleke; Moshe, le Arone, le Hure ba hlwella hodima tlhoro ya leralla.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

10 Yaba Joshua o etsa kamoo Moshe a mmoleletseng kateng, a lwana le Amaleke. Moshe le Aarone le Hure ba nyolohela qhoweng ya thaba.

Ver Capítulo Copiar




Eksoda 17:10
9 Referencias Cruzadas  

Hoba Asuba a shwe, Kalebe a nyala Eferata, ya ileng a mo tswalla Hure.


Ha Moshe a ntse a phahamisitse matsoho a hae, Baiseraele ba ne ba hlola, empa ha a phomotsa matsoho a hae, Baamaleke ba ne ba hlola.


Jwale matsoho a Moshe a kgathala. Ba nka lejwe, ba le bea katlasa Moshe, mme a dula hodima lona. Arone le Hure ba tshehetsa matsoho a hae, e mong ka lehlakoreng lena, e mong ka ho lane; jwale matsoho a hae a tiya ho fihlela letsatsi le dikela.


O ne a ile a re ho baholo: “Re emeleng mona, ho fihlela re kgutlela ho lona. Bo-Arone le Hure ba sala le lona; mang kapa mang ya nang le ditaba a ke a di hlahise ho bona.”


“Bona, ke bitsitse Besalele, mora wa Uri, mora wa Hure, wa leloko la Juda.


le ba rute ho boloka tsohle tseo ke le laetseng tsona. Bonang, ke na le lona kamehla yohle ho isa bofelong ba lefatshe.”


Lona le metswalle ya ka, ha le etsa seo ke le laelang sona.


Mmae a re ho basebeletsi: “Eng le eng eo a le bolellang yona, le e etse.”


Jwalokaha Morena a ne a ile a laela Moshe, mohlanka wa hae, le Moshe a laela Joshua jwalo, mme Joshua a etsa jwalo. Ha ho letho la tsohle tseo Morena a neng a di laela Moshe, leo Joshua a sa kang a le phetha.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos