Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Eksoda 15:13 - BIBELE

13 “Ka mohau wa hao wa tsamaisa setjhaba, setjhaba seo o se lopolotseng, ka matla a hao wa se isa diahelong, diahelong tsa hao tse halalelang.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

13 O tsamaisitse setjhaba seo o se lopolotseng ka mohau wa hao, o se isitse ka matla a hao kahong e halalelang ya hao.

Ver Capítulo Copiar




Eksoda 15:13
21 Referencias Cruzadas  

Empa a dikadika; kahoo banna bao ba mo hula ka letsoho, mmoho le mosadi wa hae le baradi ba hae ba babedi, hobane Morena o ne a mo hauhetse. Ba mo ntshetsa kantle ho motse.


Kgosi ya re ho Sadoke: “Kgutlisetsa areka ya Modimo motseng; haeba Morena a ka nkgauhela, o tla nkgutlisa, mme a mpontshe yona le leaho la hae.


Motsheare wa ba etella pele ka leru le lopaletseng, bosiu ka kganare e lopaletseng, ho ba bonesetsa tsela leetong la bona.


A kgalemela Lewatle la Sufe, yaba le a psha; a ba tsamaisa madibeng jwalokaha eka ke sebataolong.


Ako hopole phutheho ya hao eo e bileng leruo la hao, leruo la hao ho tloha kgale, eo o e lopolotseng, moloko oo e leng lefa la hao; le thaba ya Sione eo o ahileng ho yona.


Tsela ya hao ya tsamaya lewatleng, le tselana tsa hao hara bodiba; empa ha ho ya boneng mohlala wa hao.


ba boela ba hopola hore Modimo ke lefika la bona, Modimo Ya Hodimodimo ke molopolli wa bona.


Pesalema ya Asafo, ya bopaki. Taelo ho motsamaisi wa dibini: E binwe ka mmino wa sefela sa “Mehaladitwe”.


Tshabo le thothomelo tsa ba wela hodimo, ka matla a tsoho la hao ba kgutsitse jwaloka majwe, ho fihlela tjhaba sa hao se feta, tjaba sa hao Morena, ho fihlela tjhaba seo se feta, seo o iphumanetseng sona.


O ba fihlisitse, mme wa ba ahisa thabeng ya hao, sebakeng seo o se entseng leaho la hao, Morena, Sehalalelong se entsweng ka matsoho a hao, Morena.


“Ke nna Morena Modimo wa hao, ya o ntshitseng naheng ya Egepeta, moo o neng o le lekgoba teng.


“Ka baka leo, ere ho bana ba Iseraele: ‘Ke nna Morena; ke tla le imolla mejaro ya Baegepeta, ke le lopolle bokgobeng ba bona, ke le lopolle ka letsoho la ka le matla, le ka dikahlolo tse boima.


Na hase wena ya neng a pshese lewatle, ya neng a pshese metsi a bodibabohalo? Ya neng a bule tsela bodibeng ba lewatle, hore ba lopolotsweng ba tle ba tsebe ho tshela?


Ya phahameng, ya hodimodimo, yena ya phelang kamehla yohle, eo lebitso la hae le halalelang, o re: “Ke phela bakeng se phahameng, bakeng se halalelang, ya robehileng moya, ke phela le yena, le ya ikokobeditseng ke phela le yena, ke kgothatsa ya ikokobetsang, ke kgothatsa ya robehileng moya.


matshwenyeho wohle a bona le yena a mo tshwenya. Hase lengeloi le ba pholositseng, ba pholositswe ke Morena ka seqo, ka lerato le ka mohau wa hae a ba lopolla; ho tloha kgale a ba nka, a ba a ba jara.


Ke hobaneng ba sa kang ba botsa, ba re: ‘O kae Morena ya re nyolotseng naheng ya Egepeta, yena ya ila re fetisa hara lehwatata, naheng ya mahlabathe le ya madumela; naha e sekaka, e leng naha ya matshabeho, eo ho seng ya kila tsamaya ho yona, eo motho a eso phele ho yona?’


Empa, erekaha Modimo a le mohau haholo, ka baka la lerato leo a re ratang ka lona,


Ka baka la tumelo ya lona, matla a Modimo a le sireletsa ho le isa pholohong, e seng e loketse ho bonahatswa nakong ya bofelo.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos