Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Eksoda 14:8 - BIBELE

8 Morena a nna a thatafatsa pelo ya Faro, kgosi ya Egepeta, mme a phaladisa bana ba Iseraele, ba neng ba tsamaya ba le motlotlo.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

8 Jehova a thatafatsa pelo ya Faro, morena wa Egepeta, hore a phallele bana ba Iseraele; hobane bana ba Iseraele ba ne ba tswile ka letsoho le phahameng.

Ver Capítulo Copiar




Eksoda 14:8
21 Referencias Cruzadas  

A ntsha setjhaba sa hae ka nyakallo, bakgethwa ba hae ka ditlatse tsa thabo.


Ho nna mohau wa hao o moholo, ke wena ya ntopolotseng botebong ba Nqalo ya Bafu.


Morena a nna a thatafatsa pelo ya Faro, mme a se ke a utlwisisa ho ba lokolla.


Tshebeletso ena e tla ba kgopotso, jwalokaha eka ke letshwao le entsweng letsohong la hao, kapa phatleng ya hao; e re hopotsa hore Morena o ne a re ntshe Egepeta ka letsoho la hae le matla.”


Empa Modimo a tsamaisa setjhaba seo ka tsela e potang lehwatateng, e lebang Lewatleng la Lehlaka. Bana ba Iseraele ba nyoloha naheng ya Egepeta ba hlometse.


Tshebeletso ena e tla ba kgopotso, jwalokaha eka ke letshwao le entsweng letsohong la hao, kapa phatleng ya hao, hore o nne o bolele Molao wa Morena wa hao, hobane Morena o o ntshitse Egepeta ka letsoho la hae le matla.


Bona, ke tla thatafatsa dipelo tsa Baegepeta, mme ba tla ba sala morao. Ke tla itlotlisa ka Faro, le ka mabotho a hae, le ka dikariki tsa hae tsa ntwa, le ka bapalami ba hae.


Ke tla thatafatsa pelo ya Faro, mme o tla le phaladisa. Ke tla itlotlisa ka Faro le ka lebotho la hae kaofela. Baegepeta ba tla tseba hore ke nna Morena.” Yaba Baiseraele ba etsa jwalo.


A nka dikariki tsa ntwa tse makgolo a tsheletseng, tse kgethilweng, le dikariki tsohle tsa Egepeta, le balaodi ba di laolang.


“Sera se ile sa re: ‘Ke tla ba phaladisa, ke ba tshware; ke arole kgapo, ke kgotsofale. Ke tla hula sabole ya ka, ka tsoho la ka ke ba timetse.’


Jwale Morena a re ho Moshe: “Ha o kgutlela Egepeta, hlokomela hore mehlolo yohle eo ke o neileng matla a ho e etsa, o e etse moo Faro a ntseng a bona. Empa ke tla thatafatsa pelo ya hae, mme a ke ke a lokolla setjhaba hore se tsamaye.


Yaba Modimo o re ho Moshe: “Jwale o tla bona seo ke tla se etsa ho Faro. Ka letsoho la ka le matla, ke tla mo tlama hore a lokolle setjhaba sa ka; ka letsoho la ka le matla, ke tla mo tlama hore a se leleke.”


Empa Morena a nna a thatafatsa pelo ya Faro, mme a se ke a ba mamela, jwalokaha Morena a ne a boleletse Moshe.


Ako thatafatse dipelo tsa bona, thohako ya hao e ba wele hodimo!


Ke nna Morena Modimo wa lona, ya le ntshitseng naheng ya Egepeta, e le hore le se ke la ba makgoba a bona. Ke fedisitse matla a neng a le hateletse, ka etsa hore le tsamaye ka bolokolohi.’ ”


Ka letsatsi la leshome le metso e mehlano la kgwedi ya pele, ba tloha Ramesese, ka letsatsi le hlahlamang la Paseka. Bana ba Iseraele ba tloha ka ditlatse tsa thabo, pontsheng ya Baegepeta bohle.


Modimo wa setjhaba sena sa Iseraele a na a kgetha bo-ntata rona moholo, a ba etsa setjhaba se seholo ha ba ntse ba jakile naheng ya Egepeta, mme a ba ntsha teng ka letsoho le matla.


Morena a re ntsha naheng ya Egepeta ka matla a hae a maholo, le ka letsoho le otlolohileng, le ka ditshoso tse kgolo, le ka dipontsho, le ka mehlolo.


hoja ha ke tswafe ho thabisa sera, sa tshoha se ithorisa, se re: Ke ka matsoho a rona re ba hlotseng, hase Morena ya entseng tsena tsohle.’


Morena o ne a thatafaditse dipelo tsa bona, hore ba tle ba lwantshe Baiseraele, e le hore ba tle ba timetswe ho hang, ba se ke ba hauhelwa; ba timetswe jwalokaha Morena a laetse Moshe.


Sisera, molaodi wa mabotho a Jabine, ke tla mo nonoeletsa molatswaneng wa Kishone, a tle ka dikariki tsa hae tsa ntwa, le ka mabotho a hae, ebe ke neelana ka yena matsohong a hao.’ ”


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos