Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Eksoda 14:18 - BIBELE

18 Baegepeta ba tla tseba hore ke nna Morena, ha ke itlotlisa ka Faro, le ka dikariki tsa hae tsa ntwa, le ka bapalami ba hae.”

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

18 Baegepeta ba tla tseba hoba ke nna Jehova, ha ke tlotlehile ka Faro, ka makoloi a hae, le ka bapalami ba hae.

Ver Capítulo Copiar




Eksoda 14:18
9 Referencias Cruzadas  

le hore o tle o tsebe ho phetela bana ba hao le ditloholo tsa hao, kamoo ke neng ke bapale ka Baegepeta kateng; le ho ba phetela mehlolo ena ya ka, eo ke e entseng hara Baegepeta. Ka hona le tla tseba hore ke nna Morena.”


A kgina mabidi a dikariki tsa bona tsa ntwa, mme dikariki tsa ntwa tsa tsamaya haboima. Baegepeta ba re: “A re baleheng Baiseraele, hobane Morena o a ba lwanela!”


Ke tla thatafatsa pelo ya Faro, mme o tla le phaladisa. Ke tla itlotlisa ka Faro le ka lebotho la hae kaofela. Baegepeta ba tla tseba hore ke nna Morena.” Yaba Baiseraele ba etsa jwalo.


Ke tle le etsa setjhaba sa ka, mme ka tla ba Modimo wa lona; le tla tseba hore ke nna Morena Modimo wa lona, yena ya le imolotseng mejaro ya Baegepeta.


Morena o bua tjena: ‘Ka sena o tla tseba hore ke nna Morena. Bona, ka molamu o ka letsohong la ka ke tla otla hodima metsi a ka nokeng, mme a tla fetoha madi.


Baegepeta ba tla tseba hore ke Morena, ha ke otlolla letsoho la ka ke ba otla, mme ke ntsha bana ba Iseraele hara bona.”


Ere ho yona: ‘Morena Modimo o bua tjena: “ ‘Wena Sidone, tseba hoba ke a o lwantsha, tlotla ya ka ke tla e bonahatsa ka wena; bohle ba tla tseba hore ke nna Morena, ha ke ahlola baahi bohle ba hao, ke etsa sesupo sa hore ke a halalela.


“ ‘Mohla ke fetolang Egepeta, ke e fetola nanaola, ke fedisa tsohle tse teng ho yona, ke bolaya bohle ba ahileng ho yona, ke hona ba tla tseba hore ke nna Morena.’


O tla futuhela setjhaba sa ka sa Iseraele jwaloka leru le kwahetseng naha. Ka matsatsi a tlang, wena Gogo, o tla futuhela naha ya ka, e le hore baditjhaba ba tle ba ntsebe ha ke bonahatsa kgalalelo ya ka ka wena Gogo, moo ba ntseng ba bona.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos