Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Eksoda 14:10 - BIBELE

10 Ha Faro a ntse a atamela, bana ba Iseraele ha ba re mahlo tloha! ba bona Baegepeta ba ba phalletse. Bana ba Iseraele ba tshoha haholo, mme ba ipiletsa ho Morena.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

10 Yare ha Faro a atamela, bana ba Iseraele ba lelatsa mahlo, ba bona Baegepeta ba ba phalletse, mme ba tshoha hampe; bana ba Iseraele ba howeletsa ho Jehova.

Ver Capítulo Copiar




Eksoda 14:10
23 Referencias Cruzadas  

Ha balaodi ba dikariki tsa ntwa ba bona Jehoshafate, ba re: “Enwa ke yena kgosi ya Iseraele!” Ba mo etsetsa sakana-la-nkope, ba mo lwantsha. Jehoshafate a hlaba mokgosi, mme Morena a mo thusa, a etsa hore ba kgaotse ho mo lwantsha.


“O bone matshwenyeho a bo-ntata rona, Egepeta, wa utlwa sello sa bona Lewatleng le Lefubedu.


Jwale a tadima ho tshwenyeha ha bona, ha a utlwa sello sa bona.


Matshwenyehong a bona ba lla ho Morena, mme a ba pholosa tsietsing ya bona.


Matshwenyehong a bona ba lla ho Morena, mme a ba pholosa tsietsing ya bona.


Matshwenyehong a bona ba lla ho Morena, mme a ba ntsha tsietsing ya bona.


Matshwenyehong a bona ba ipiletsa ho Morena, mme a ba lopolla tsietsing ya bona.


Sefahleho sa Morena se sosobane, se sosobanetse ba etsang bobe, hore a ba hlakole lefatsheng, ba se hlole ba hopolwa.


Na baa bohle ha ba na tsebo, baa ba etsang tse sa lokang baa ba itjellang setjhaba sa ka, jwalokaha ba eja bohobe, ba sa ipiletse ho Modimo?


“Ke tlositse mojaro mahetleng a hao, matsoho a hao a nyahladitse seroto;


Ha Faro a se a lokolotse setjhaba, Modimo ha a a ka a se tsamaisa ka tsela ya Filesitia, leha e ne e le haufi, hobane Modimo o ne a re: “Mohlomong setjhaba se ka tshoha se kweneha ha se bona ntwa, mme sa kgutlela Egepeta.”


Yaba Moshe o ipiletsa ho Morena, mme Morena a mmontsha sefate. Moshe a nka lekala la sona a le lahlela ka metsing, mme metsi a eba monate. Morena a ba beela molao le taelo, a ba a ba leka hona moo,


Morena, ba tlile ho wena ba tsielehile, ha o ba kgalema yaba ba a o rapela.


Ha bolellwa ba ntlo ya Davida, ha thwe: “Baarame ba se ba fihlile naheng ya ba morabe wa Efraime.” Akase le setjhaba sa hae ba tshoha haholo, ba thothomela sa difate di tsukutlwa ke moya.


Wena moahi ya phelang Lebanone, ya phelang tlung e hahilweng ka dikedare, o tla dumaela hakae ha mahlaba a o fihlela, mahlaba a kang a mosadi, mosadi a kena tlung!


“Le hopole, mme le se ke la lebala kamoo le ileng la halefisa Morena Modimo wa lona kateng, ha le le lehwatateng. Ho tloha mohla le tswang naheng ya Egepeta, ho fihlela le ba le fihla sebakeng sena, le nnile la fetohela Morena.


Ka ntsha bo-ntata lona Egepeta, mme ba fihla lewatleng. Baegepeta ba phaladisa bo-ntata lona ka dikariki tsa ntwa, le ka dipere ho ya fihla Lewatleng la Lehlaka.


Ke ha bo-ntata lona ba ipiletsa ho Morena, mme yena a hlahisa lefifi pakeng tsa lona le Baegepeta. A phuthumanya lewatle hodima Baegepeta, a ba pupetsa ka lona, mme le bone seo ke se entseng Baegepeta. La phela lehwatateng ka nako e telele.


Tshabo ha e yo leratong, empa lerato le phethehileng le qhala tshabo, hobane tshabo e tsamaya le kotlo. Ya nang le tshabo ha a a phetheha leratong.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos