Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Eksoda 13:21 - BIBELE

21 Motsheare Morena o ne a ba eteletse pele ka leru le lopaletseng, ho ba bontsha tsela; bosiu ka kganare ya mollo, ho ba bonesetsa, hore ba tsebe ho tsamaya bosiu le motsheare.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

21 Jehova o ne a ba eteletse pele ka topallo ya leru motshehare, ho ba bontsha tsela, le bosiu ka topallo ya mollo ho ba bonesetsa, hore ba tsamaye motshehare le bosiu.

Ver Capítulo Copiar




Eksoda 13:21
21 Referencias Cruzadas  

Motsheare wa ba etella pele ka leru le lopaletseng, bosiu ka kganare e lopaletseng, ho ba bonesetsa tsela leetong la bona.


Empa ha o a ka wa ba furalla lehwatateng, hobane mohau wa hao o moholo haholo; motsheare leru le lopaletseng ha le a ka la nyamela, la nna la ba etella pele tseleng ya bona; bosiu kganare e lopaletseng ha e a ka ya fifala, ya nna ya ba bonesetsa ha ba ntse ba tsamaya.


A phuphuthisa leru, la ba kwahela; mollo wa ba bonesetsa bosiu.


Ba se nang moneketsela, Modimo o ba fa bodulo, o boela o busetsa batshwaruwa boiketlong, athe bahanyetsi ba sala mahalaopeng.


Tsela ya hao ya tsamaya lewatleng, le tselana tsa hao hara bodiba; empa ha ho ya boneng mohlala wa hao.


Motsheare a ba etella pele ka leru, bosiu bohle ka kganya ya mollo.


a bua le bona a le hara leru; ba boloka ditemoso tsa hae, le ditaelo tseo a ba fileng tsona.


Yaba Faro o re ho bona: “Morena a ke a be le lona, haeba le re, nka le lokolla le bana ba lona! Bonang, le na le morero a kgopo!


Yare ha Arone a ntse a bua le setjhaba sohle sa bana ba Iseraele, sa tadima lehwatateng, mme sa bona tlotla ya Morena e iponahatsa lerung.


Ha setjhaba se bona hore Moshe o dieha ho theoha thabeng, sa bokanela Arone, mme sa re ho yena: “Tloo, o re etsetse modimo o tla re etella pele, hobane ke mona ha re tsebe hore na Moshe, monna ya re nyolotseng naheng ya Egepeta, ho etsahetse eng ka yena.”


Elwa ya hlahang lehwatateng ke mang, ya kang mosi o lopaletseng, ya noneditsweng ka mmira le mokubetso, tse tswakilweng ka dinoko tsohle tsa kgwebo?


Leru la Morena le ne le ba okametse motsheare, ha ba tloha diahelong.


Ba tla tsebisa baahi ba naha ena, ba utlwileng hore wena, Morena, o teng kahara setjhaba sena; le hore wena, Morena, se o bona thaka tsa mahlo di tadimane; le hore leru la hao le se okametse, motsheare o se etella pele o le kahara leru le lopaletseng, bosiu o le kahara kganare ya mollo.


e leng yena ya le etellang pele leetong, ho le batlela sebaka seo le tla hloma ho sona. Bosiu o le etella pele ka mollo, motsheare ka leru, ho le bontsha tsela eo le tla tsamaya ka yona.”


Ke Morena ya tla o etella pele. O tla ba le wena; a ke ke a o lahla kapa a o furalla. O se ke wa tshaba kapa wa tsieleha.”


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos