Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Eksoda 12:41 - BIBELE

41 Kamora dilemo tse makgolo a mane le mashome a mararo, ka lona letsatsi leo, mabotho wohle a Morena a tswa naheng ya Egepeta.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

41 Qetellong ya dilemo tse makgolo a mane a mashome a mararo, ka lona tsatsi leo, makgotla kaofela a Jehova a tswa naheng ya Egepeta.

Ver Capítulo Copiar




Eksoda 12:41
29 Referencias Cruzadas  

Yaba Josefa o re ho bana babo: “Ke se ke le lekgatheng la ho shwa, empa Modimo o tla le etela, a le nyolle naheng ena, a le isa naheng eo a neng a e hlapanyetse Aborahama, le Isaka, le Jakobo hore o tla ba nea yona.”


Ka selemo sa makgolo a mane le mashome a robedi bana ba Iseraele ba tswile Egepeta, ka kgwedi ya Motsheanong, e leng kgwedi ya bobedi selemong sa bone Solomone a busa naha ya Iseraele, Solomone a qala ho haha Tempele ya Morena.


Jwale Morena a etsa hore Bakushe ba hlolwe ke bo-Asa le bahlabani ba Juda. Bakushe ba baleha.


Empa wena Morena, o rena kamehla yohle, o tla hopolwa ke meloko yohle.


Mohla Iseraele a tswang Egepeta, ba ntlo ya Jakobo ba tloha, ba tloha setjhabeng sesele,


A ntsha Iseraele naheng ya Egepeta; mohau wa hae ke wa kamehla yohle;


“ ‘Le tla nne le etse mokete wa bohobe bo sa lomoswang, hobane ke ka letsatsi lena ke ntshitseng mabotho a lona naheng ya Egepeta; kahoo lona le meloko yohle ya lona le tla boloka letsatsi lena e le taelo ya mehla yohle.


Ka lona letsatsi leo Morena a ntsha bana ba Iseraele naheng ya Egepeta ka mabotho a bona.


“Ka nako e tlang, ha mora wa hao a o botsa, a re: ‘Hoo ke eng?’ wena o tle o re ho yena: ‘Ka letsoho la hae le matla, Morena o re ntshitse Egepeta, moo re neng re le makgoba teng.


Tshebeletso ena e tla ba kgopotso, jwalokaha eka ke letshwao le entsweng letsohong la hao, kapa phatleng ya hao; e re hopotsa hore Morena o ne a re ntshe Egepeta ka letsoho la hae le matla.”


Moshe a re ho setjhaba: “Hopolang letsatsi lena, leo ka lona le tswileng Egepeta, moo le neng le le makgoba teng, hobane Morena o le ntshitse teng ka letsoho la hae le matla. Le se ke la ja bohobe bo lomositsweng.


Tshebeletso ena e tla ba kgopotso, jwalokaha eka ke letshwao le entsweng letsohong la hao, kapa phatleng ya hao, hore o nne o bolele Molao wa Morena wa hao, hobane Morena o o ntshitse Egepeta ka letsoho la hae le matla.


Tloo he, jwale, ke tla o roma ho Faro, mme wena o ntshe setjhaba sa ka, bana ba Iseraele, naheng ya Egepeta.”


Ke theohetse lefatsheng ke hona ho tla se lopolla matsohong a Baegepeta; ho se nyolla naheng eo, ke se ise naheng e ntle, e batsi; naheng e phallang lebese le mahe a dinotshi; naheng ya Bakanana, le Bahete, le Baamore, le Baperise, le Bahife, le Bajebuse.


Arone le Moshe ke bona bao Morena a neng a re ho bona: “Ntshang bana ba Iseraele naheng ya Egepeta, ho ya ka mabotho a bona.”


“Ka baka leo, ere ho bana ba Iseraele: ‘Ke nna Morena; ke tla le imolla mejaro ya Baegepeta, ke le lopolle bokgobeng ba bona, ke le lopolle ka letsoho la ka le matla, le ka dikahlolo tse boima.


empa Faro a ke ke a le mamela. Ke tla otla Egepeta ka letsoho la ka, ka dikahlolo tse boima, ke ntshe mabotho a ka, setjhaba sa ka, bana ba Iseraele, naheng ya Egepeta.


“Lemo tse mashome a supileng, a supileng hasupa, di baletswe tjhaba sa heno le motse o halalelang, hore ditshito tsohle di tle di fediswe, dibe le tsona le ke le di fedise, ho etswe poelano bakeng sa ho etsa bokgopo, ho loka ha kamehla ho tle ho be teng, ho phethahatswe dipono, le bona boporofeta, Ya Halalelang haholo le yena a tlotswe.


hore ditloholo tsa lona di tle di tsebe hore ke ile ka phedisa bana ba Iseraele maphepheng, mohla ke neng ke ba ntsha naheng ya Egepeta. Ke nna Morena Modimo wa lona.’ ”


Pono ena e sa emetse nako ya yona, e haufi e phethahala, mme e ke ke ya thetsa. Leha e ka dieha, wena o e emele, e tla fela e phethahale, ha e ka ke ya dieha.


Modimo ya ba ntshitseng Egepeta, o matla jwaloka nare.


Ana ke maeto a bana ba Iseraele, ha ba ne ba falla naheng ya Egepeta ka mabotho a bona, ba le tsamaisong ya Moshe le Arone.


Lona, eyang moketeng; nna ha ke ye moketeng ona, hobane nako ya ka ha e eso fihle.”


A re ho bona: “Ha le a tshwanela ho tseba dinako kapa mehla e taolong ya Ntate,


Ke yena ya ba ntshitseng Egepeta, a etsa dimakatso le mehlolo naheng eo, le Lewatleng le Lefubedu, le lehwatateng, ka dilemo tse mashome a mane.


“Hlokomelang kgwedi ya Mmesa, ka ho keteka Paseka ya Morena Modimo wa lona, hobane ke ka kgwedi eo ya Mmesa Morena Modimo wa lona, a neng a le ntshe Egepeta e le bosiu.


Ka baka la hobane o ne a rata bo-ntata lona, o ile a kgetha ditloholo tsa bona, mme ka matla a hae a maholo, o ile a le ntsha Egepeta ka boyena.


“ ‘Hamorao ka romela Moshe le Arone, mme ka otla Egepeta ka diwa tseo ke ileng ka di etsa hara yona. Hamorao ka le ntsha moo.


Monna eo a re: “Tjhe! Nna ke molaodi wa lebotho la Morena. Jwale ke se ke le teng.” Joshua a itihela fatshe ka sefahleho, a obamela fatshe, a re ho yena: “Morena wa ka o reng ho mohlanka wa hae?”


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos