Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Eksoda 10:1 - BIBELE

1 Jwale Morena a re ho Moshe: “Eya ho Faro. Ke thatafaditse pelo ya hae le dipelo tsa bahlanka ba hae, hore ke tle ke etse mehlolo ena ya ka hara bona;

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

1 Yaba Jehova o re ho Moshe: Eya ho Faro, hobane ke thatafaditse pelo ya hae le dipelo tsa bahlanka ba hae, hore ke tle ke etse dipontsho tsena tsa ka pela hae;

Ver Capítulo Copiar




Eksoda 10:1
19 Referencias Cruzadas  

Thebe ya ka ke Modimo, ya pholosang ba pelo di ntle.


Empa Morena a nna a thatafatsa pelo ya Faro, mme a se ke lokolla bana ba Iseraele.


Kahoo ke tla otlolla letsoho la ka, ke otle naha ya Egepeta ka mehlolo yohle, eo ke tla e etsa teng. Kamorao ho moo kgosi e tla le lokolla le tsamaye.


Jwale Morena a re ho Moshe: “Ha o kgutlela Egepeta, hlokomela hore mehlolo yohle eo ke o neileng matla a ho e etsa, o e etse moo Faro a ntseng a bona. Empa ke tla thatafatsa pelo ya hae, mme a ke ke a lokolla setjhaba hore se tsamaye.


empa Faro a ke ke a le mamela. Ke tla otla Egepeta ka letsoho la ka, ka dikahlolo tse boima, ke ntshe mabotho a ka, setjhaba sa ka, bana ba Iseraele, naheng ya Egepeta.


Empa Morena a nna a thatafatsa pelo ya Faro, mme a se ke a ba mamela, jwalokaha Morena a ne a boleletse Moshe.


empa lebaka leo ke o babaletseng ka lona ke la hore, o tle o bone matla a ka, le hore lebitso la ka le tle le tume lefatsheng lohle.


Yaba Faro o romela batho ho bitsa Moshe le Arone, mme a re ho bona: “Ha e le kajeno ke sitilwe. Morena o lokile; nna le setjhaba sa ka ke rona ba kgopo.


“O foufaditse mahlo a bona, a thatafatsa dipelo tsa bona, hore ba se ke ba bona ka mahlo, ba utlwisisa ka pelo, ba sokoloha, mme ka ba fodisa.”


hobane Mangolong ho itswe ho Faro: “Ke o entse kgosi ka lebaka lona lena: hore ke bontshe matla a ka ka wena, le hore lebitso la ka le tume lefatsheng lohle.”


Ka baka leo, Modimo o a hauhela, ha a rata; le teng ha a rata, o a thatafatsa.


Morena o ne a thatafaditse dipelo tsa bona, hore ba tle ba lwantshe Baiseraele, e le hore ba tle ba timetswe ho hang, ba se ke ba hauhelwa; ba timetswe jwalokaha Morena a laetse Moshe.


A rona bale! Ke mang ya tla re lopolla matsohong a medimo ee e matla? Medimo ena ke yona e neng e bolaye Baegepeta ka mefutafuta ya diwa, lehwatateng.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos