Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Daniele 9:6 - BIBELE

6 Ha re a ka ra mamela bahlanka ba hao, baporofeta, ba buileng ka lebitso la hao ho dikgosi tsa rona, le ho mahosana a rona, le ho bo-ntata rona, le ho setjhaba sohle sa naha ena.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

6 Ha re a ka ra utlwa baporofeta, bahlanka ba hao, ba buileng ka lebitso la hao ho marena a rona, le ho mahosana a rona, le ho bontata rona, le ho setjhaba kaofela sa naha.

Ver Capítulo Copiar




Daniele 9:6
29 Referencias Cruzadas  

Tsena di ile tsa etsahala hobane Baiseraele ba ne ba sa ka ba mamela lentswe la Morena Modimo wa bona. Ba ne ba ile ba roba selekane sa Morena; le tsohle tseo Moshe, mohlanka wa Morena, a neng a ba laetse tsona, ba ne ba sa ka ba di mamela, leha e le ho di phetha.


Morena a bua ho Manase le ho setjhaba sa hae, empa ba se ke ba mo mamela.


Ho tloha mehleng ya bo-ntata rona, ho fihlela kajeno, re bile le melato e meholo. Ka baka la bokgopo ba rona, rona, le dikgosi tsa rona, le baprista ba rona, ho neelanwe ka rona matsohong a dikgosi tsa dinaha tsena, hore re bolawe ka sabole, re thopuwe, re hanyapetswe, re hlabiswe dihlong, jwalokaha ho le jwalo kajeno.


Ka dilemolemo wa ba mamella, wa iphapanya, wa ba kgalema ka baporofeta ba hao, ka baporofeta ba susumetswa ke Moya wa hao, empa tsebe tsa bona tsa se ke tsa sekeha, yaba o neelana ka bona ho baahi ba naha tseo.


“Jwale, ka baka lena, wena Modimo wa rona, Modimo e moholo, ya matla, Ramatshabeho, ya bolokang selekane sa hae, ya hauhelang, tsietsi tsohle tse re hlahetseng o se ka di bebola: Tse hlahetseng kgosi tsa rona le mahosana a rona, baprista ba rona le baporofeta ba rona, bo-ntata rona le tjhaba sena sa hao sohle, ho tloha mehleng ya dikgosi tsa Asure, ho fihlela le kajeno-ya-bokajeno!


Kgosi tsa rona le mahosana a rona, baprista ba rona le bo-natata rona, bohle ha ba a boloka Molao wa hao, kapa ba mamela ditaelo tsa hao, le dikgalemelo tseo o ba etseditseng tsona.


haeba le sa mamele mantswe a bahlanka ba ka, e leng baporofeta bao ke ba rometseng ho lona ka makgetlokgetlo, le hoja le sa ka la ba mamela;


Ke hobane ha ba a ka ba mamela mantswe a ka, ao ke nnileng ka ba romela wona ka makgetlokgetlo, ka bahlanka ba ka, e leng baporofeta. Empa le lona ha le a ka la mamela,’ ho rialo Morena.


“Ha re ka ke ra mamela seo o re bolellang sona ka lebitso la Morena!


Tsena tsohle le di entse, ho rialo Morena. Ke buile ho lona ka makgetlokgetlo, empa ha le a ka la mmamela. Leha ke le bitsa ha le a ka la nkarabela.


Empa ha ba a ka ba mamela, leha e le ho sekeha tsebe tsa bona feela; ba nnile ba latela mehopolo ya bona le ditakatso tsa dipelo tsa bona tse manganga, tse kgopo, ba kgutlela morao, ba se ke ba ya pele.


Ha re a ka ra mamela lentswe la Morena Modimo wa rona, ra tsamaya ka melao ya hae, eo a re beetseng yona ka bahlanka ba hae, baporofeta.


Morena Modimo wa rona yena o mohau, o a tshwarela, leha rona re mo fetohetse.


“Jerusalema! Jerusalema! Wena ya bolayang baporofeta, ya tlepetsang ka majwe ba rometsweng ho wena, ke hakae ke lakaditseng ho phutha bana ba hao, jwalokaha kgoho e alama ditsuonyana tsa yona, empa wa hana!


hobane ba ahileng Jerusalema le babusi ba bona ba ne ba sa tsebe monna enwa le mantswe a baporofeta, a neng a balwa ka Sabatha se seng le se seng, empa ba a phethahaditse ka ho mo ahlola.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos