Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Daniele 9:16 - BIBELE

16 Oho, Morena, ka ho ya ka ho loka hohle ha hao, ke a o rapela: Bohale ba hao le kgalefo ya hao a di ke di faposwe motse wa hao wa Jerusalema, thaba ya hao e halalelang. Ka baka la dibe tsa rona le makgopo a bo-ntata rona, Jerusalema mmoho le setjhaba sa hao, e fetohile sesomo ho bohle ba re potapotileng.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

16 Oho Morena, ka ho loka ha hao hohle, ako kgelose bohale ba hao le kgalefo ya hao motseng wa hao, Jerusalema, e leng thaba ya hao e kgethehileng! Hobane ke ka baka la dibe tsa rona le la makgopo a bontata rona Jerusalema le setjhaba sa hao di entsweng sekgobo ho bohle ba re kopileng.

Ver Capítulo Copiar




Daniele 9:16
33 Referencias Cruzadas  

Wa fumana a tshepahala ho wena, yaba o etsa selekane le yena; wa mo tshepisa naha ya Bakanana, le ya Bahete, ya Baamore, le Baperise, le Bajebuse, le Bagirigashe; wa e tshepisa le ditloholo tsa hae; jwale o phethile tshepiso ya hao, hobane wena o lokile.


Pesalema ya Davida. Morena, ako utlwe thapelo ya ka, o sekehele thapedi ya ka tsebe; o nkarabe ka baka la botshepehi ba hao, le ka baka la ho loka ha hao.


Pesalema ya Davida, e qapetsweng motsamaisi wa dibini.


O tla mpoloka ke se na kodi, o mpee kapela hao kamehla.


Ako nnamolele ka ho loka ha hao, nnamolele o ntopolle; o ntshekehele tsebe, o mpholose.


Re sekgobo ho bao re ahisaneng le bona, re pale le sesomo ho ba re potapotileng.


O ile wa kokobetsa bohale bohle ba hao, wa kgutla kgalefong ya hao e tukang.


Ako hopole ho hlapaolwa ha bahlanka ba hao, Morena! Ke jere dinyediso tse ngata tsa ditjhaba ka sefubeng sa ka.


O se ke wa di kgumamela, mme o se ke wa di sebeletsa, hobane nna Morena Modimo wa hao, ke Modimo ya boulelang, ya otlang bana ka baka la bokgopo ba bo-ntata bona, ho isa molokong wa boraro le wa bone, wa ba ntlhoileng.


Ka baka leo, kgalefo ya Morena e tlokomela tjhaba sa hae, o phahamisitse tsoho la hae, o a ba otla, thaba di a reketla, topo tsa bona eka matlakala hara seterata. Leha ho le jwalo, kgalefo ya hae ha e kgaotse, tsoho la hae o ntsa le phahamisitse.


‘Ke tla etsa hore mebuso yohle ya lefatshe e ba nyonye, dibakeng tsohle tseo ke tla ba lelekela ho tsona ba nyediswe, e be setsoto, ba songwe, ba rohakwe.


Ke tla ba bolaya ka sabole, le ka sekoboto, le ka lefu la sewa, ke etse hore mebuso yohle ya lefatshe e ba nyonye, hore ba tle ba rohakwe, e be setsoto, le sekgobo, ba nyediswe ditjhabeng tseo ke ba leleketseng ho tsona.


“Ho tloha mohla ba hahang motse ona ho fihlela kajeno, haesale motse ona o mphephetsa hore ke halefe, ke lolome ke bohale, mme jwale ke rerile ho o timetsa;


ka baka la bokgopo ba bana ba Iseraele le ba bana ba Juda, boo ba bo entseng hore ba nkgalefise, bona le dikgosi tsa bona, le babusi ba bona, le baprista ba bona, le baporofeta ba bona, le banna ba Juda le baahi ba Jerusalema.


O molato ka baka la madi ao o a tsholotseng; o itshilafaditse ka ho iketsetsa medingwana ya bohata. O kgutsufaditse matsatsi a hao, mme qetello ya dilemo tsa hao e se e fihlile. Ka baka lena, ke tla o etsa sekgobo ho baditjhaba, ke o etse sesomo dinaheng tsohle.


“Ke tla o etsa lesupi, o fetohe sekgobo ho ditjhaba tse o potapotileng, le mahlong a bohle ba fetang ka tsela.


E tla hloma ditente tsa yona tsa bokgosi pakeng tsa lewatle le thaba e tlotlehang, e halalelang, mme kgosi eo e tla timela ho se ya e thusetsang.”


Ka nna ka bua jwalo, ka rapela, ka ipolela sebe sa ka le sa setjhaba sa heso sa Iseraele, mme ka lebisa thapedi ya ka ho Morena Modimo wa ka, ka baka la thaba e halalelang ya Modimo wa ka.


“Kahoo le tla tseba hore ke nna Morena, Morena Modimo wa lona, ya ahileng Sione, thabeng ya ka e halalelang; Jerusalema e tla ba sebaka, baka se kgethehileng, baditjhaba ba ke ke ba hlola ba feta kahara yona.


Morena o bua tjena: “Ke kgutlela Sione, mme ke tla aha Jerusalema. Kahoo Jerusalema e tla bitswa Motse wa Nnete, le thaba ya Morena wa mabotho e bitswe Thaba e Halalelang.”


Ke ntho e nepahetseng hore Modimo a le pheteletse ka ho hlokofatsa ba le hlokofatsang.


Ha re ipolela dibe tsa rona, Modimo o tla re tshwarela tsona, mme a re hlwekise bokgopo bohle, kaha o a tshepahala, mme o lokile.


Morena o a futsanehisa, o bile o a ruisa, o a kokobetsa, o bile o a phahamisa,


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos