Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Daniele 9:10 - BIBELE

10 Ha re a ka ra mamela lentswe la Morena Modimo wa rona, ra tsamaya ka melao ya hae, eo a re beetseng yona ka bahlanka ba hae, baporofeta.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

10 Ha re a ka ra utlwa lentswe la Jehova, Modimo wa rona, ho ya ka melao ya hae eo a neng a e beile pela rona ka baporofeta, bahlanka ba hae.

Ver Capítulo Copiar




Daniele 9:10
8 Referencias Cruzadas  

Tsena di ile tsa etsahala hobane Baiseraele ba ne ba sa ka ba mamela lentswe la Morena Modimo wa bona. Ba ne ba ile ba roba selekane sa Morena; le tsohle tseo Moshe, mohlanka wa Morena, a neng a ba laetse tsona, ba ne ba sa ka ba di mamela, leha e le ho di phetha.


Jwale wena o tle o re ho sona: ‘Ke hobane bo-ntata lona ba ile ba mphuralla,’ ho rialo Morena, ‘ba latela medimo esele, ba e sebeletsa, ba e kgumamela. Nna ba ile ba mphuralla, ba se ke ba boloka melao ya ka.


Ba ile ba fihla naheng ena, ba e hapa, empa ha ba a ka ba hlompha lentswe la hao, leha e le ho tsamaya ho ya ka molao wa hao. Ha ba a ka ba etsa letho la tsohle tseo o neng o ba laetse hore ba di etse; ka baka lena, o entse hore bobe bona bohle bo ba wele hodimo.


Ha re a ka ra mamela bahlanka ba hao, baporofeta, ba buileng ka lebitso la hao ho dikgosi tsa rona, le ho mahosana a rona, le ho bo-ntata rona, le ho setjhaba sohle sa naha ena.


Mehleng ya kgale Modimo o ile a bua le bo-ntata rona ka baporofeta, ka makgetlokgetlo, ka mekgwa e mengata,


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos