Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Daniele 8:21 - BIBELE

21 Phooko e makgisa ke kgosi ya Gerike, mme lenaka le mophekapheka, le phatleng ya yona, ke kgosi ya pele.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

21 phooko, ke morena wa Bagerike, mme lenaka le lelelele le dipakeng tsa mahlo a yona ke morena wa pele.

Ver Capítulo Copiar




Daniele 8:21
9 Referencias Cruzadas  

Yaba motho eo o re: “Na o tseba lebaka le ntlisitseng ho wena moo? Jwale ke tla ya lwantsha lengeloi le sireletsang Peresiya. Hoba ke tsamaye, kgosana ya Bagerike e tla tla.


“Jwale ke tla o bolella nnete. Bona mona, ho sa tla ba teng hape dikgosi tse tharo naheng ya Peresiya. Ya bone e tla rua ho di feta kaofela. Ka baka la matla a yona a tswalwang ke maruo a yona, e tla hlohleletsa tse ding tsohle ho tsohela mmuso wa Bagerike matla.


“Empa kgosi e nngwe e matla, e tla hlaha, e buse ka matla a maholo, mme e iketsetse borata.


“Mmuso wa hao o tla hlahlangwa ke mmuso o mong, o fokolang ho feta ona wa hao, ho nto tla wa boraro, e leng wa lethose, o tla busa lefatshe lohle.


“Ha ke ntse ke tadimile ka bona sebatana se seng, se tshwanang le lengau, se neng se ena le mapheo a mane, a kang a nonyana, mokokotlong wa sona. Sebatana sena se ne se ena le dihlooho tse nne, mme sona sa newa matla a ho busa.


“Pheleu e naka di pedi, eo o e boneng, e emetse dikgosi tsa Media le Peresiya.


Manaka a mane a ileng a mela ha leo la pele le robeha, a tshwantsha mebuso e tla thewa hara setjhaba seo, empa mebuso eo e ke ke ya eba matla jwaloka mmuso wa pele.


Ke tla koba Juda sa ha ke koba seqha. Efraime yena e be motsu wa sona. Ke tla hlohleletsa bara ba Sione, ke ba etse sabole ya mohlabani, ba futuhele bara ba Bagerike.”


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos