Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Daniele 8:16 - BIBELE

16 Ka utlwa lentswe la ya howeletsang a le kahara noka ya Ulai, le re: “Gabariele! Hlalosetsa monna eo pono ena!”

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

16 Ka utlwa lentswe la motho le tloha pakeng tsa mabopo a Ulai, la howeletsa, la re: Gabriele, mo kwaholelle pono.

Ver Capítulo Copiar




Daniele 8:16
16 Referencias Cruzadas  

Jwale ke tlile ho o tsebisa se tla hlahela setjhaba sa heno ka nako e tlang, hobane pono ena e supa tse tla etsahala ka nako e tlang.”


Ke tla o bontsha se ngotsweng Bukeng ya Nnete. Ha ho le ya mong ya emeng le nna ntweng ena, haese Mikaele, kgosana ya heno.


Yaba ke atamela ho e mong wa ba neng ba eme moo, ka mmotsa hore na tseo di bolelang. “Yena a mpolella, a ntlhalosetsa se bolelwang ke dintho tsena, a re:


Ponong ena ka iphumana ke le Shushane, ka tlung ya bokgosi, naheng ya Elame. Ke ne ke eme lebopong la noka ya Ulai.


Ka botsa motho eo, ka re: “Monghadi, dintho tsee ke dintho ding?” Lengeloi le neng le bua le nna la araba, la re: “Ke tla o bontsha hore na ke dintho ding.”


Lengeloi la bobedi la re ho la pele: “Matha, o yo bolella mohlankanyana eo, o re: ‘Ka baka la bongata ba batho le ba mehlape, Jerusalema ha e na ho haheletswa ka marako.


Lengeloi la mo araba, la re: “Ke nna Gabariele, ya emang kapele ho Modimo, mme ke romilwe ho bua le wena, le ho o bolella molaetsa ona o molemo.


Ka kgwedi ya botshelela, lengeloi Gabariele la rongwa ke Modimo motseng wa Galelea o bitswang Nasaretha,


Lentswe la re ho yena: “Petrose, ema, o hlabe, o je!”


Jwale banna ba tsamayang le yena ba ema tlekelele! kaha ba ne ba fela ba utlwile lentswe, empa ba sa bone motho.


Kahoo mangeloi ke eng, haese meya e sebeletsang, le bahlanka ba rongwang ke Modimo ho thusa ba tla ja lefa la pholoho?


Ka reteleha ho bona hore na ke mang ya buang le nna, mme hoba ke etse jwalo, ka bona didulwana tsa mabone tsa kgauta tse supileng.


“Nna Jesu, ke le rometse lengeloi la ka ho tla paka tsena dikerekeng. Nna ke lehlomela le setloholo sa Davida; ke naledi ya meso e kganyang.”


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos