Daniele 8:10 - BIBELE10 Lenaka lena la matlafala haholo, hoo le bileng la futuhela le mabotho a lehodimo, la dihela fatshe karolo e nngwe ya mabotho ana e leng dinaledi tse ding, mme la e hatakela. Ver CapítuloSesotho 1909/1961 (SO)10 la lelefala ho isa makgotleng a lehodimo, la dihela makgotla a mang le dinaledi tse ding fatshe, la di hatakela; Ver Capítulo |
“Kamora tsena, diponong tsa ka tsa bosiu, ka boela ka bona sebatana sa bone, se tshabehang, se tshosang, se matla ka ho fetisisa. Se ne se ena le meno a maholo, a tshepe. Sa harola, sa tsekolla, mme ho setseng sa ho hatakela ka maoto a sona. Se ne se sa tshwane le dibatana tse ding tseo ke neng ke ile ka di bona pele, se bile se ena le manaka a leshome.