Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Daniele 7:8 - BIBELE

8 “Ha ke ntse ke tadimile manaka ana, ka bona lenakana le leng le runya pakeng tsa a mang, mme le runyola a mararo a pele. Lenakana lena le ne le ena le mahlo a kang a motho, le molomo o buang ka boikakaso.”

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

8 Ha ke boha manaka ao, ka bona lenakana le leng le hlaha pakeng tsa a mang, mme manaka a pele a mararo a kgorolwa ke lona; mme bonang, lenakana leo le ne le na le mahlo a kang mahlo a motho, le molomo o buang ka boikakaso.

Ver Capítulo Copiar




Daniele 7:8
15 Referencias Cruzadas  

Batho ba bolellana mashano, maleme a bona a monate, empa ke bo-temepedi.


“Kgosi ya Siria e tla iketsetsa borata, e iphahamise, e ithorise ka ho re e matla ho feta medimo yohle, mme e nyefole le Modimo wa medimo. E tla atleha ho be ho fihle nako ya kgalefo, hobane se laotsweng eka kgona se phethahale.


“Jwale ka batla ho tseba ditaba tsa sebatana sa bone, se sa tshwaneng le tsohle tse ding, se tshabehang ka ho fetisisa, se meno a tshepe le dinala tsa lethose, se harolong, se tsekolle, mme se hatakele ka maoto a sona hoo se ho siileng.


Yena o tla lwantsha, a iphahamisetse tsohle tse bitswang Modimo, tse kgumamelwang ke batho, hoo yena a tlang ho itulela ka Tempeleng ya Modimo, a iketse Modimo.


Batho e tla ba baithati, ba ratang tjhelete, baithorisi, baikgantshi, banyefodi, ba sa utlweng batswadi, ba hlokang teboho, ba sa halaleleng.


Dipuo tsa bona ke tsa boikgohomoso, tsa mafeela; ka ditakatso tse kgopo tsa nama, ba tshwasa ba sa tswa phonyoha ho ba phelang bokgelohing.


Batho bana ke bakomakomi, bakganani, ba laolwang ke ditakatso tsa bona, bao melomo ya bona e buang tsa boikgohomoso, ba yang ka tshobotsi ho iphumanela tsa bona.


Jwale ka bona ho nyoloha lewatleng sebatana se nang le dihlooho tse supileng, le dinaka tse leshome, le mefapahlooho e leshome dinakeng tsa sona; dihloohong tsa sona ho ngotswe mabitso a nyefolang.


Ditsie tsena di ne di tadimeha jwaloka dipere tse lokiseditsweng ntwa, dihloohong e ne e ka di rwetse mefapahlooho ya kgauta, difahleho tsa tsona di le jwaloka tsa batho.


“Kgaotsang dipuo tsa boikgohomoso, boikalatiso bo se tswe melomong ya lona, hobane Morena ke Modimo ya tsebang tsohle, diketso tsohle di ahlolwa ke yena.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos