Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Daniele 7:6 - BIBELE

6 “Ha ke ntse ke tadimile ka bona sebatana se seng, se tshwanang le lengau, se neng se ena le mapheo a mane, a kang a nonyana, mokokotlong wa sona. Sebatana sena se ne se ena le dihlooho tse nne, mme sona sa newa matla a ho busa.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

6 Kamora seo, ha ke boela ke tadima, ka bona sebatana se seng se kang lengau, se ena le mapheo a mane a manong mokokotlong wa sona; sebatana seo se ne se na le dihlooho tse nne, mme sa newa borena.

Ver Capítulo Copiar




Daniele 7:6
10 Referencias Cruzadas  

O re ho bona: ‘Morena Modimo o bua tjena: “ ‘Ntsu e kgolo, e mapheo a maholo, a malelele, a thathaletseng, a masiba a mangata, a mebalabala, ya fihla naheng ya Lebanone, ya dula kaleng la kedare, kaleng le hodimodimo.


Yaba motho eo o re: “Na o tseba lebaka le ntlisitseng ho wena moo? Jwale ke tla ya lwantsha lengeloi le sireletsang Peresiya. Hoba ke tsamaye, kgosana ya Bagerike e tla tla.


“Mmuso wa hao o tla hlahlangwa ke mmuso o mong, o fokolang ho feta ona wa hao, ho nto tla wa boraro, e leng wa lethose, o tla busa lefatshe lohle.


“Sebatana sa pele se ne se tshwana le tau, empa se ena le mapheo a kang a ntsu. Ka se tadima ho fihlela ha se kgaolwa mapheo, sa phahamisetswa hodimo, se emiswa ka maoto jwaloka motho, se bile se newa kelello e kang ya motho.


“Ka bona sebatana sa bobedi, se tshwanang le bere, se eme ka maoto a morao. Se ne se lomme mahopo a mararo ka meno a sona. Yaba ho thwe ho sona: ‘Ema, o harele nama e ngata!’


Jwale ke tla ba futuhela, ke ba futuhele sa lekakuba, tseleng teng ke ba lalle sa lengau.


Sebatana seo ke ileng ka se bona se ne se tshwana le lengau, maro a sona a ne a le jwaloka maro a bere, molomo wa sona o le jwaloka molomo wa tau. Kganyapa ya se nea matla a yona, le terone ya yona, le borena bo boholo ba yona.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos