Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Daniele 7:19 - BIBELE

19 “Jwale ka batla ho tseba ditaba tsa sebatana sa bone, se sa tshwaneng le tsohle tse ding, se tshabehang ka ho fetisisa, se meno a tshepe le dinala tsa lethose, se harolong, se tsekolle, mme se hatakele ka maoto a sona hoo se ho siileng.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

19 Yaba ke lakatsa ho tseba nnete bakeng sa sebatana sa bone, se neng se le hosele ho tse ding kaofela, se tshabehang hampe, se nang le meno a tshepe le dinala tsa koporo, se rusollang, se bjabjaretsang, se hatakelang ho siilweng ka maoto a sona,

Ver Capítulo Copiar




Daniele 7:19
4 Referencias Cruzadas  

Ka batla ho tseba le tsa manaka a leshome a hloohong ya sona, le tsa lenakana le ileng la runyola a mang a mararo, le nang le mahlo le molomo o buang ka boikakaso, le neng le feta manaka a mang a habo lona.


“Kamora tsena, diponong tsa ka tsa bosiu, ka boela ka bona sebatana sa bone, se tshabehang, se tshosang, se matla ka ho fetisisa. Se ne se ena le meno a maholo, a tshepe. Sa harola, sa tsekolla, mme ho setseng sa ho hatakela ka maoto a sona. Se ne se sa tshwane le dibatana tse ding tseo ke neng ke ile ka di bona pele, se bile se ena le manaka a leshome.


“Ha ke ntse ke tadimile manaka ana, ka bona lenakana le leng le runya pakeng tsa a mang, mme le runyola a mararo a pele. Lenakana lena le ne le ena le mahlo a kang a motho, le molomo o buang ka boikakaso.”


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos