Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Daniele 6:5 - BIBELE

5 Banna bana ba re: “Re ke ke ra fumana lebaka leo re ka qosang Daniele ka lona, haese haeba e le taba e amanang le molao wa Modimo wa hae.”

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

5 Yaba banna bao ba re: Re ke ke ra fumana sebaka leha se le seng sa ho qosa Daniele, haese hobane re ka se fumana bakeng sa molao wa Modimo wa hae.

Ver Capítulo Copiar




Daniele 6:5
8 Referencias Cruzadas  

Yaba Hamane o re ho kgosi Ahashuerushe: “Dinaheng tsohle tsa mmuso wa hao, ho na le setjhaba se itseng, se hasahasaneng hara ditjhaba tsohle tse mmusong wa hao. Melao ya setjhaba seo e fapane le ya ditjhaba tsohle tse ding, mme setjhaba seo ha se boloke melao ya kgosi. Ka baka lena, kgosi e ke ke ya fumana molemo wa letho ka ho tlohela setjhaba seo.


Ya kgopo o laletse ya lokileng, o batla ho mmolaya.


Motse oo ke entseng hore le iswe ho wona le le bathopuwa le ke le o batlele kgotso, le o rapelle ho Morena, hobane ke ha feela motse oo o ena le kgotso le lona le tlang ho ba le kgotso!’


Jwale Saule a re ho Davida: “O lokile ho mpheta, hobane wena o nketseditse tse molemo, athe nna ke o putsitse ka tse mpe.


Yaba mahosana a Bafilesita a re: “Baheberu baa ba batlang moo?” Akishe a re ho mahosana a Bafilesita: “Enwa ke Davida, mohlanka wa Saule, kgosi ya Iseraele, eo e seng e le nako a le ho nna mona. Haesale a fihla mona, ha ke eso fumane phoso ho yena ho fihlela kajeno.”


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos