Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Daniele 5:5 - BIBELE

5 Ka yona nako eo, ha hlaha menwana ya letsoho la motho, ya ngola leboteng le ditsweng la ntlo ya bokgosi, malebana le sedulwana sa lebone, mme kgosi ya bona seatla sa letsoho le ntseng le ngola.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

5 Ka nako yona eo, ha hlaha menwana ya letsoho la motho, mme ya ngola modilong wa lebota, mabapa le kandelare, ka tlung ya morena; morena a bona ntlha ya letsoho ha le ngola.

Ver Capítulo Copiar




Daniele 5:5
15 Referencias Cruzadas  

Modidietsane wa ba kgopo o sekgwahla, mokoka ha o yo, thabo ya baetsadibe ke ya motsotswana feela?


Motho ya nnileng a kgalengwa empa a satalatsa molala, hanghang o tla welwa ke kotsi, pheko e be siyo.


Kgosi ya Babilona e utlwetse tsa setjhaba seo, matsoho a yona a leketlile ke ho tepella; e tshwerwe ke mahlaba a ho tlallwa, mahlaba a kang a mosadi, mosadi a kena tlung.


Yare kgosi e eso qete ho rialo, lentswe la tswa lehodimong, la re: “Wena kgosi Nebukadenesare, polelo ena e tobile wena: O amohilwe mmuso wa hao.


Ka yona nako eo, se neng se boleletswe Nebukadenesare sa phethahala, a lelekwa hara batho, a ja jwang jwaloka dikgomo, mmele wa hae wa lalwa ke phoka ya lehodimo, ho fihlela mohwete wa hae o hola jwaloka masiba a ntsu, le manala a hae a eba jwaloka dinala tsa nonyana.


Bahlalefi le balepi ba dinaledi ba ile ba tliswa kapele ho nna hore ba bale mongolo ona, mme ba ntlhalosetse seo o se bolelang, empa ba ile ba sitwa ho ntlhalosetsa.


Ba nwa veine, ba rorisa medimo ya kgauta, le ya silefera, le ya lethose, le ya tshepe, le ya lehong, le ya lejwe.


Kgosi ya pudufallwa, ya tshwenyeha haholo maikutlong; letheka la yona la kgwehla, le mangwele a yona a otlana.


Yaba bahlalefi bohle ba kgosi ba a kena, empa ba hlolwa ho bala mongolo, kapa ho hlalosetsa kgosi seo o se bolelang.


O hlakotse lengolo la molato mmoho le ditaelo tsa lona tse neng di re ahlola, a le kgokgothella sefapanong.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos