Daniele 5:12 - BIBELE12 Daniele yena enwa, eo kgosi e ileng ya mo rea lebitso la Beleteshasare, o ile a ipaka hore o na le moya o motle, le tsebo, le kutlwisiso ya ho hlalosa ditoro, le ho hlalosa dilotho, le ho araba dipotso tse thata. Ere Daniele a bitswe, mme o tla o hlalosetsa hore na hona ho bolelang.” Ver CapítuloSesotho 1909/1961 (SO)12 hobane moya o phahamileng, le tsebo, le kutlwisiso ya kwahollo ya ditoro, le qaqisetso ya dilotho, le hlalosetso ya dipotso tse thata, di nnile tsa fumanwa ho yena, e leng Daniele, eo morena a neng a fetole lebitso la hae ka la Beltsatsare; ha ho le jwalo, Daniele a ke a latwe, mme o tla o nea kwahollo. Ver Capítulo |
Daniele, ya neng a bitswa Beleteshasare, a qeta nakwana a tsielehile haholo, a tshwenyehile. Kgosi ya re ho yena: “Beleteshasare, o se ke wa tshwenngwa ke toro ena, kapa ke tlhaloso ya yona.” Beleteshasare a araba, a re: “Morena ka, eka toro ena e ka be e tobile ba o hloileng, le tlhaloso ya yona e tobile dira tsa hao!