Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Daniele 5:1 - BIBELE

1 Kgosi Beleshasare a etsetsa mahosana a hae a sekete mokete wa dijo, a nwa veine moo batho bao ba sekete ba leng teng.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

1 Morena Belshatsare o ne a etsetse mahosana a hae a sekete mokete o moholo, mme a nwa veine pela batho bao ba sekete.

Ver Capítulo Copiar




Daniele 5:1
11 Referencias Cruzadas  

Jwale ka letsatsi la boraro, leo e neng e le letsatsi la tswalo ya Faro, Faro a etsetsa bahlanka ba hae bohle mokete. A ntsha moqhatsetsi e moholo le moapehi e moholo tjhankaneng, moo bahlanka ba hae ba ntseng ba bona.


Ka selemo sa boraro sa puso ya hae, a etsetsa mahosana wohle a hae le bahlanka ba hae, mokete. Balaodi ba mabotho a Peresiya le Media, le mahosi le mahosana, le bona ba ne ba le teng.


Ka tsatsi leo Morena, Morena wa mabotho, a le bitsa, a le bitsetsa ho lla le ho ba bofifing, ho beola moriri le ho apara tse mahwashe.


Morena wa mabotho o ile a senola tsena, moo ke utlwang, a re: “Ruri bokgopo bona bo ke ke ba tshwarelwa ho fihlela le eshwa,” ho rialo Morena Modimo wa mabotho.


“Sabole e supile setjhaba, tjhaba sa Bakalatiya,” ho rialo Morena. “Baahi ba Babilona le bona e ba supile, e supile babusi ba yona le bahlalefi!


Etlare ba sa halakehetse dijo, ke ba etsetse mokete wa semetletsa, ke ba nwese hore ba be ba tahwe, ba robale, ba roballe ruri, ba kgalehe, ba se hlole ba tsoha,” ho rialo Morena.


Baetapele ba yona le bahlalefi ke tla ba tahisa, ke tahise babusi le balaodi le bahlabani. Ba tla robala, ba roballe ruri, ba kgalehe, ba se hlole ba tsoha,” ho rialo Kgosi, eo bitso la yona e leng Morena wa mabotho.


Hona bosiung boo, Beleshasare, kgosi ya Bakalatiya, a bolawa,


Ba tla tjheswa sa meutlwa e harahane, ba tjheswe sa dirite di omeletse, ba ntse ba itlopile veine ya bona.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos