Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Daniele 4:9 - BIBELE

9 “Wena Beleteshasare, mookamedi wa dinohe, ke tseba hore moya wa medimo e halalelang o ka ho wena, mme ha ho sephiri se ka o sitang. Toro ya ka ke ena; ako ntlhalosetse yona.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

9 Beltsatsare, hlooho ya babohlale, erekaha ke tseba hoba moya wa medimo e halalelang o teng ho wena, le hoba ha o kgahlwe ke sephiri leha e ka ba sefe le sefe, o qaqise dipono tseo ke di lorileng, le kwahollo ya tsona.

Ver Capítulo Copiar




Daniele 4:9
18 Referencias Cruzadas  

Yaba Faro o re ho bahlanka ba hae: “Na re ka fumana monna ya kang eo; monna eo moya wa Modimo o leng teng ka ho yena?”


Pelong ya hao o tla lohotha tsietsi tsa pele: “O kae ya neng a bala dithelo? O kae ya neng a bea tjhelete sekaleng? Se kae sehlwela se neng se bala ditora?”


Ha o etsa tse lokileng o tla matlafala, bompodi bona bo ke ke ba eba teng ho wena, ha o ka ke wa tshaba letho, esita le ditshoso di ke ke tsa o atamela.


Ke tla le hloma thabeng, thabeng e phahameng ya Iseraele; le tla mela makala, le behe ditholwana, le hole, e be sefate se kgahlehang sa kedare. Nonyana tsohle di tla hahela makaleng a sona, di dule moriting wa makala a sona.


Na o bohlale ho feta Daniele? Ha ho sephiri se patehileng ho wena?


Ditabeng tsohle tsa bohlale le kutlwisiso, tseo kgosi e neng e ba botsa tsona, e ile ya fumana hore ba feta haleshome dinohe tsohle le balepi ba dinaledi ba teng kahara mmuso wohle wa yona.


Kgosi ya re ho Daniele: “Kannete Modimo wa lona ke Modimo wa medimo, ke Morena wa dikgosi, ke mosenodi wa diphiri, hobane ke mona o tsebile ho senola sephiri sena.”


Kgosi ya bea Daniele ditulong tse phahameng, ya mo etsetsa le dimpho tse ngata, tse kgolo, ya mo etsa mmusi wa naha yohle ya Babilona, le mookamedi wa bahlalefi bohle ba Babilona.


“Ena ke toro eo nna kgosi Nebukadenesare, ke ileng ka e lora. Jwale wena Beleteshasare, ntlhalosetse yona, hobane bahlalefi bohle ba mmuso wa ka ba hlotswe ho ntlhalosetsa yona. Empa wena o ka etsa jwalo, hobane moya wa medimo e halalelang o teng ka ho wena.”


Yaba ke lora toro e ileng ya ntshosa. Ha ke robetse diphateng tsa ka ke ne ke tshwenngwa haholo ke menahano ya ka le ke dipono tseo ke neng ke di bona.


Qetellong Daniele o ile a tla ho nna. Lebitso la hae ke Beleteshasare, hobane o reeletswe modimo wa ka, o bile o na le moya wa medimo e halalelang ka ho yena. Ke ile ka mo phetela toro ya ka, ka re:


Mmusong ona wa hao, monna o teng ya nang le moya wa medimo e halalelang ka ho yena. Mehleng ya ntatao, monna enwa o ile a ipaka hore o na le kelello e tjhatsi, le kutlwisiso, le bohlale bo kang ba medimo. Kgosi Nebukadenesare, ntatao, o ile a mo etsa mookamedi wa dinohe le balepi ba dinaledi, le Bakalatiya, le badupi.


A rona bale! Ke mang ya tla re lopolla matsohong a medimo ee e matla? Medimo ena ke yona e neng e bolaye Baegepeta ka mefutafuta ya diwa, lehwatateng.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos