Daniele 4:16 - BIBELE16 Pelo ya hae ya botho e fetohe, e fetohe e be ya phoofolo, lemo tse supileng di fete a le jwalo. Ver CapítuloSesotho 1909/1961 (SO)16 Pelo ya hae e se hlole e eba ya motho, a fuwe pelo ya phoofolo, mme ngwaha o fete hodima hae hasupa. Ver Capítulo |
Monna ya apereng seaparo se entsweng ka lene, ya emeletseng hodingwana ho noka, a phahamisetsa matsoho a hae a mabedi lehodimong, a hlapanya ka Modimo ya phelang kamehla le mehla, mme ka utlwa a re: “E tla ba ka dilemo tse tharo le halofo. Ha matla a setjhaba se halalelang a se a fedisitswe, dintho tsena tsohle di tla etsahala.”
Kgosi e ile ya bona leqosa le halalelang le theoha lehodimong, le re: ‘Remang sefate, le se fedise, empa le siye kutu le metso ya sona mobung, kutu eo le e tlamelle jwanng bo botalana ka mahlaahlela a tshepe le a lethose. Motho enwa a lalwe ke phoka ya lehodimo, a phele le dibatana tsa naha, ho fihlela ho feta dilemo tse supileng.’