Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Daniele 3:2 - BIBELE

2 Jwale kgosi Nebukadenesare a mema mahosana, le babusisi le balaodi, le baeletsi, le bo-ramatlotlo, le baahlodi, le mapolesa, le babusi bohle ba dinaha, hore ba be teng ha ho kgakolwa setshwantsho seo kgosi Nebukadenesare a neng a se emisitse.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

2 Morena Nebukadnesare a romela ho phutha mahosana, le marenana, le babusi, le baahlodi ba baholo, le ba laetsweng matlotlo a hae, le baeletsi ba melao, le bahlanka ba kahlolo, le babusi bohle ba dinaha tse kamathoko, hore ba itlhahise moketeng wa ho kgakola setshwantsho se emisitsweng ke morena Nebukadnesare.

Ver Capítulo Copiar




Daniele 3:2
10 Referencias Cruzadas  

Ka letsatsi la leshome le metso e mehlano la kgwedi ya borobedi, Jeroboame a etsa mokete o tshwanang le o neng o etswa naheng ya Juda, a nyehela ka mahlabelo hodima aletare. Hona a ho etsa Bethele, a etsetsa manamane ao a a bopileng mahlabelo. Hona moo Bethele a bea baprista ba ditempele tseo ho rapellwang medimo ya bohata ho tsona, tseo a neng a di hahile.


Ha mmusi a mamela mashano, bahlanka ba hae bohle ba tla ba kgopo.


Mahosana le babusisi le balaodi le baeletsi ba kgosi ba ba bokanela, mme ba bona hore mollo ha o a ba etsa letho mmeleng, leha e le ho tlabola qoba ya moriri wa bona. Diaparo tsa bona di ne di sa tjha, le monko wa ho tjheswa ke mollo o sa utlwahale.


Yaba mahosana, le babusisi, le balaodi le Baeletsi, le bo-ramatlotlo, le baahlodi, le mapolesa, le babusi bohle ba dinaha, ba phutheha bohle ho tla kgakola setshwantsho seo kgosi Nebukadenesare a neng a se emisitse. Ba fihla ba ema kapele ho setshwantsho seo Nebukadenesare a neng a se emisetse.


Baradi bana ba memela Baiseraele mahlabelong ao ba neng ba nyehella medimo eo ya bona ka wona. Setjhaba sa eja, sa kgumama kapele ho medimo eo ya bona.


seo dikgosi tsa lefatshe di entseng bohlola le sona, se tahisitseng baahi ba lefatshe ka jwala ba bootswa ba sona.”


Mahosana a Bafilesita a kopana, ho etsetsa Dagone, modimo wa wona, nyehelo e kgolo ya sehlabelo, le ho ithabisa, hobane a ne a re: “Modimo wa rona o neelane ka Samosone, sera sa rona, matsohong a rona.”


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos